1Eitse hobane e manolle tiiso ya bosupa, ha kgutsa lehodimong ka nako e ka etsang halofo ya hora.
2Ka bona mangeloi a supileng a emeng pela Modimo; mme ba newa diterompeta tse supileng.
3Lengeloi le leng la tla, la ema pela aletare, le tshwere pitsa ya kgauta; a newa dibano tse ngata, hore a di nyehele hammoho le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta e pela terone.
4Mosi wa dibano, o neng o etswa merapelong ya bahalaledi, wa nyoloha kapele ho Modimo o etswa letsohong la lengeloi.
5Lengeloi la nka pitsa ya mokubetso, la e tlatsa ka mollo wa aletare, mme la e lahlela lefatsheng, mme ha eba le mantswe, le diaduma, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.
6Mme mangeloi a supileng a tshwereng diterompeta tse supileng a itokisetsa ho letsa.
7Lengeloi la pele la letsa terompeta, mme ha latela sefako le mollo o kopantsweng le madi, mme tsa akgelwa lefatsheng, mme karolo ya boraro ya difate ya cha, le jwang bohle bo botala ba cha.
8Lengeloi la bobedi la letsa terompeta, mme ho kang thaba e kgolo e tukang mollo ya akgelwa lewatleng, mme karolo ya boraro ya lewatle ya fetoha madi;
9Mme karolo ya boraro ya dibopuwa tse ka lewatleng, tse nang le bophelo, ya eshwa; mme karolo ya boraro ya dikepe ya timela.
10Lengeloi la boraro la letsa terompeta, mme ha wa lehodimong naledi e kgolo, e tukang jwaloka lebone, mme ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka le hodima liliba tsa metsi.
11Lebitso la naledi eo ke Lengana, mme karolo ya boraro ya metsi ya fetoha lengana; mme batho ba bangata ba eshwa ke metsi ao, hobane a ne a fetohile baba.
12Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; hoo karolo ea boraro ea tsona e ileng ea fifala, ’me motšehare ha oa ka oa chabela karolo ea boraro ea oona, le bosiu ka ho tšoanang.
13Ka tadima, mme ka utlwa lengeloi le fofang mahareng a lehodimo, le bua ka lentswe le phahameng, le re: Ho madimabe, ho madimabe, ho madimabe ba ahileng lefatsheng ka baka la mantswe a mang a terompeta ya mangeloi a mararo a sa ntseng a le teng ho utloahala!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.