1Ka baka leo, a re tshabeng, esere mohlomong pallo ya ho kena phomolong ya hae e sa le teng, ho tle ho se ke ha bonahala e mong wa lona a haellwa ke yona.
2Hobane le rona re boleletswe Evangeli jwaloka bona;
3Hobane rona ba dumetseng re kena phomolong, jwalokaha a itse: Ke hlapantse kgalefong ya ka, ka re: Ha ba ka kena phomolong ya ka;
4Hobane sebakeng se seng o boletse tsatsi la bosupa, a re: Modimo wa phomola ka tsatsi la bosupa mesebetsing yohle ya wona.
5Mme sebakeng sena hape, ha ho thwe: Ekare ha ba ka kena phomolong ya ka.
6Ka hona, kaha ho sa ntse ho setse ba bang ba tla kena teng, mme ba ileng ba bolellwa molaetsa wa pele ha ba ka ba kena ka baka la ho se dumele.
7O boetse o behile letsatsi le itseng, a re ka Davida: Kajeno, kamora nako e telele hakana; jwalokaha ho boletswe, ho thwe: Kajeno, ha le utlwa lentswe la hae, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona.
8Hobane hojane Jesu a ba neile phomolo, a ka be a sa ka a bolela hamorao tsatsi le leng.
9Ka baka leo, ho saletse setjhaba sa Modimo phomolo.
10Hobane ya keneng phomolong ya hae, le yena o phomotse mesebetsing ya hae, jwalokaha Modimo o phomotse ho tsa wona.
11Ka baka leo, a re sebeletseng ka thata ho kena phomolong eo, e le hore ho se be motho ya ka wang ho latela mohlala oo wa ho se dumele.
12Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, le bohale ho feta sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi;
13Le teng ha ho sebopuwa se sa bonahaleng mahlong a wona, empa tsohle di hlobotse, di tutubolohile mahlong a eo re nang le taba le yena.
14Ka baka leo, erekaha re na le moprista e moholo ya kenetseng lehodimong, Jesu Mora wa Modimo, a re tiiseng boipolelo ba rona.
15Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ke keng a re utlwela bohloko mefokolong ya rona; empa ya lekilweng nthong tsohle jwaloka rona, empa a se na sebe.
16Ka baka leo, a re atameleng ka tshepo terone ya mohau, hore re tle re amohele mohau, mme re fumane mohau wa ho thusa ka nako ya teng.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.