1(Sefela) Ho lehlohonolo bohle ba tshabang Jehova; ba tsamayang ditseleng tsa hae.
2Hobane o tla ja mosebetsi wa matsoho a hao; o tla thaba, mme o tla fola.
3Mosadi wa hao o tla ba ka mathoko a ntlo ya hao jwaloka sefate sa morara se behang haholo: bana ba hao ba potapotile tafole ya hao jwaloka mohlwaare.
4Bonang, motho ya tshabang Jehova o tla hlohonolofatswa jwalo.
5Jehova o tla o hlohonolofatsa a le Sione, mme o tla bona molemo wa Jerusalema ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hao.
6Ee, o tla bona bana ba bana ba hao, kgotso e be hodima Iseraele.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.