1E mong le e mong ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme e mong le e mong ya ratang ya tswetseng, o rata le ya tswetsweng ke yena.
2Re tseba ka hona hore re rata bana ba Modimo, ke ha re rata Modimo, mme re boloka ditaelo tsa hae.
3Hobane lerato la Modimo ke hore re boloke ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.
4Hobane bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe, mme ena ke tlholo e hlolang lefatshe, e leng tumelo ya rona.
5Ya hlolang lefatshe ke mang, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?
6Enwa ke yena ya tlileng ka metsi le madi, e leng Jesu Kreste; e seng ka metsi feela, empa ka metsi le madi. Mme ke Moya o fanang ka bopaki, hobane Moya ke nnete.
7Hobane ho na le ba bararo ba pakang lehodimong, Ntate, Lentswe, le Moya o Halalelang: mme ba bararo bao ke ntho e le nngwe.
8Ho na le ba bararo ba pakang lefatsheng, Moya, le metsi, le madi;
9Ha re amohela bopaki ba batho, bopaki ba Modimo bo boholo, hobane ke bona bopaki ba Modimo, boo o pakileng ka Mora wa wona.
10Ya dumelang ho Mora wa Modimo o na le bopaki ka ho yena; hobane ha a ka a dumela bopaki boo Modimo a faneng ka bona ka Mora wa hae.
11Mme bopaki ke bona, hore Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona bo ho Mora wa wona.
12Ya nang le Mora o na le bophelo; mme ya se nang Mora wa Modimo ha a na bophelo.
13Ke le ngoletse taba tseo, lona ba dumelang lebitso la Mora wa Modimo; le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng, le tle le dumele lebitso la Mora wa Modimo.
14Mme tshepo eo re nang le yona ho yena ke ena, hore, ha re kopa ntho ka ho rata ha hae, o a re utlwa.
15Mme ha re tseba hobane o a re utlwa, leha e ka ba eng le eng eo re e kopang, re a tseba hore re na le tseo re di kopileng ho yena.
16Ekare ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa isang lefung, o tla mo kopa, mme o tla mo nea bophelo bakeng sa ba etsang sebe se sa isang lefung. Ho na le sebe se isang lefung: ha ke re a ka se rapella.
17Ho se loke hohle ke sebe, mme ho na le sebe se sa isang lefung.
18Re a tseba hore e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.
19Mme re a tseba hore re ba Modimo, mme lefatshe lohle le rapaletse matleng a e mobe.
20Mme re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe wa nnete, mme re ho yena wa nnete, e leng ho Mora wa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.
21Bana ba banyenyane, itebeleng ho medimo ya bohata. Amen.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.