2 Bakorinthe 4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024(CSOB24)

2 Bakorinthe 4

1Ka baka leo, ha re ena le tshebeletso eo, kamoo re hauhetsweng kateng, ha re tepelle;

2Empa re lahlile tse patilweng tsa bohlola, re sa tsamaye ka mano, mme re sa tshohe lentswe la Modimo; empa ka ho bonahatsa nnete, re ipuella matswalong a batho bohle pela Modimo.

3Empa haeba molaetsa o molemo wa rona o patehile, o patetswe ba timelang.

4E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.

5Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme rona re bahlanka ba lona ka baka la Jesu.

6Hobane Modimo, ya laetseng hore lesedi le tjhabe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, hore o tle o re nee lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo sefahlehong sa Jesu Kreste.

7Empa re na le letlotlo lena dipitseng tsa letsopa, hore matla a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.

8Re tshwenyehile ka nqa tsohle, empa ha re tsielehe; re a tsieleha, empa ha re nyahame;

9Re a hloriswa, empa ha re a furallwa; re liheloa fatše, empa ha re timetsoe;

10Ka mehla re jara ho shwa ha Morena Jesu mmeleng, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona.

11Hobane rona ba phelang, kamehla re nehelanwa ka lefu ka baka la Jesu, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahatswe nameng ya rona e shwang.

12Kahoo lefu le sebetsa ho rona, empa bophelo bo sebetsa ho lona.

13Re na le moya o le mong wa tumelo, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke dumetse, mme ke ka baka leo ke buileng; le rona re a dumela, mme ke ka baka leo re buang;

14re ntse re tseba hobane ya tsositseng Morena Jesu bafung, le rona o tla re tsosa ka Jesu, mme o tla re hlahisa le lona.

15Hobane tsohle di etsetswa lona, hore mohau o atileng ka ba bangata ba nang le teboho e ngatafale, e be tlotliso ya Modimo.

16Ka baka leo ha re tepelle; empa leha motho wa rona wa kantle a senyeha, motho ya ka hare o ntse a ntjhafatswa letsatsi le letsatsi.

17Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya;

18Re ntse re sa talime tse bonahalang, empa re talima tse sa bonahaleng; empa tse sa bonahaleng ke tsa ka ho sa feleng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help