1Lena ke lekhetlo la boraro ke tla ho lona. Ka melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo taba tsohle di tla tiiswa.
2Ke le boleletse pele, mme ke le boleletse pele, jwaloka hoja ke le teng la bobedi; mme haele jwale, ke le sieo, ke ngolla ba kileng ba etsa sebe pele, le ba bang kaofela, hore, leha ke ka kgutla, nke ke ka ba qenehela.
3Erekaha le batla bopaki ba hore Kreste ya buang ka nna, ha a fokole ho lona, empa a le matla ka ho lona.
4Hobane le hoja a ile a thakgiswa sefapanong ka bofokodi, empa o phela ka matla a Modimo. Hobane le rona re fokola ho yena, empa re tla phela le yena ka matla a Modimo bakeng sa lona.
5Itebeleng hore na le tumelong; iponahatseng. Na ha le tsebe hore Jesu Kreste o ka ho lona, haese ha le le ba nyatsehang?
6Empa ke tshepile hore le tla tseba hore rona ha re ba hlolehang.
7Jwale ke rapela Modimo hore le se ke la etsa bobe; e seng hore re bonahale re amohetswe, empa e le hore lona le etse ho lokileng, leha rona re le jwaloka ba nyatsehang.
8Hobane re ke ke ra etsa letho le hananang le nnete, haese nnete.
9Hobane re a thaba, ha rona re fokola, mme lona le le matla;
10Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke le sieo, hore ha ke le teng, ke se ke ka etsa ka bohale, ka matla ao Morena a mphileng wona, e leng ho haha, e seng ho timetsa.
11Qetellong, barab’eso, salang hantle. Le phethehe, le tshedisehe, le be le kgopolo e le nngwe, le phele ka kgotso; mme Modimo wa lerato le kgotso o tla ba le lona.
12Dumedisanang ka kako e halalelang.
13Bahalaleli bohle ba a le dumedisa.
14Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le kopano ya Moya o Halalelang di be le lona bohle. Amen. (Lengolo la bobeli le eang ho Bakorinthe le ngotsoe ke Tite le Lucas ho tsoa Filipi, e leng motse oa Macedonia.)
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.