1Ke ka baka lang baditjhaba ba dumaduma, mme batho ba nahana ntho tsa lefeela?
2Marena a lefatshe a itokisitse, le babusi ba rera hammoho ho lwantsha Jehova le motlotsuwa wa hae, ba re:
3A re kgaoleng ditlamo tsa bona, mme re lahle marapo a bona ho rona.
4Ya dutseng lehodimong o tla tsheha; Jehova o tla ba soma.
5Joale o tla bua le bona khalefong ea hae ’me a ba hlokofatse khalefong ea hae e khōlō.
6Leha ho le joalo ke beile morena oa ka thabeng ea ka e halalelang ea Sione.
7Ke tla bolela kahlolo: Jehova o itse ho nna: O Mora wa ka; kajeno ke u hlahisitse.
8Kopa ho nna, mme ke tla o nea ditjhaba hore e be lefa la hao, le dipheletso tsa lefatshe e be leruo la hao.
9U li robe ka lere la tšepe; o tla di pshatla jwaloka pitsa ya mmopi.
10Hlalefang jwale, lona marena, le rutehe, lona baahlodi ba lefatshe.
11Sebeletsang Jehova ka tshabo, le thabe ka thothomelo.
12Akang Mora, esere a halefa, mme la timela tseleng, ha bohale ba hae bo ka tuka ho se hokae. Ho lehlohonolo bohle ba mo tshepang.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.