1Jwale, ha le tsohile le Kreste, batlang tsa hodimo, moo Kreste a dutseng letsohong le letona la Modimo.
2Tlhomamisang dilo tse di kwa godimo, e seng tse di mo lefatsheng.
3Hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patilwe le Kreste ho Modimo.
4Etlare ha Kreste e leng bophelo ba rona a hlaha, le lona le tla hlaha le yena kganyeng.
5Ke gone bolayang ditokololo tsa lona tse di mo lefatsheng; bofebe, le ditshila, le ditakatso tse ditshila, le ditakatso tse mpe, le meharo, e leng borapedi ba ditshwantsho;
6Ke ka baka la tsona kgalefo ya Modimo e tlelang bana ba ho se mamele.
7Tse le lona le kileng la tsamaya ho tsona, ha le ne le phela ho tsona.
8Empa jwale le lona, lahlang tsena tsohle; bohale, le khalefo, le lonya, le nyefolo, le lipuo tse litšila tse tsoang melomong ea lōna.
9Le se ke la bolellana leshano, kahobane le hlobotse motho wa kgale le diketso tsa hae;
10mme le apare motho e motjha, ya ntjhafatswang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.
11Moo ho seng Mogerike kapa Mojuda, lebollo kapa ho se bolle, moditjhaba kapa Moskitha, lekgoba kapa motho ya lokolohileng, empa Kreste ke tsohle, mme o ho bohle.
12Ka baka leo, le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, le apare pelo tsa mehauhelo, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le mamello;
13Lo itshokelane, lo itshwarelane, fa mongwe a na le komang le mongwe; fela jaaka Keresete a ne a lo itshwarela, le lona lo dire jalo.
14Hodima tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ya phetheho.
15Mme kgotso ya Modimo e buse dipelong tsa lona, eo le biletsweng yona mmeleng o le mong; mme le be le teboho.
16A Lentswe la Kreste le ikahele ka ho lona ka ho enneng ka bohlale bohle; le rutane le ho eletsana ka dipesaleme le difela le dipina tsa moya, le binele Morena ka mohau ka dipelong tsa lona.
17Eng kapa eng eo le e etsang ka lentswe kapa ketso, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha Modimo le Ntate ka yena.
18Lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona, jwalokaha ho loketse Moreneng.
19Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela.
20Lona bana, mamelang batswadi ba lona nthong tsohle, hobane hoo ho kgahlisa Morena.
21Bontata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, esere ba nyahama.
22Lona bahlanka, utlwang beng ba lona ka nama nthong tsohle; e seng ka ho tadima mahlo, jwaloka hoja e le ba kgahlisang batho; empa ka botshepehi ba pelo, ka ho tshaba Modimo.
23Tsohle tseo le di etsang, le di etse ka pelo yohle, jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho;
24Le ntse le tseba hore le tla fuwa ho Morena moputso wa lefa, hobane le sebeletsa Morena Kreste.
25Empa ya etsang hampe o tla fuwa bobe boo a bo entseng; mme ha ho tshobotsi ya batho.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.