1Ho sebini, Altaschithe, Mikthame oa Davida, mohla a balehang Saule lehaheng mapheo ke tla tshabela ho fihlela dikoduwa tsena di fela.
2Ke tla bitsa ho Modimo ea Phahameng ka ho Fetisisa; ho Modimo ya nketsetsang tsohle.
3O tla romela a le mahodimong, a mpholose sekgobong sa ya ratang ho metsa. Sela. Molimo o tla romela mohau oa hae le ’nete ea hae.
4Moya wa ka o hara ditau, ke rapame hara tse tjheswang ke mollo, bara ba batho bao meno a bona e leng marumo le metsu, le maleme a bona e leng sabole e bohale.
5U phahamise, Modimo, ka holim’a maholimo; khanya ea hao e be ka holim’a lefatše lohle.
6Ba tjhehile leraba bakeng sa mehato ya ka; moya wa ka o nyamile; ba cheka lemena ka pel’a sefahleho sa ka, ’me ba oela ho lona. Sela.
7Pelo ya ka e tiile, Modimo, pelo ya ka e tiile, ke rata ho bina le ho rorisa.
8Tsoha, mohlomphehi oa ka; tsoha, seletsa le harepa: Ke tla tsoha e sa le hosasa.
9Ke rata ho u rorisa, Jehova, har’a lichaba; hara ditjhaba ke rata ho O binela.
10Etsoe mohau oa hao o moholo ho ea fihla maholimong, ’me botšepehi ba hao bo fihla marung.
11U phahamise, Modimo, ka holim’a maholimo; kganya ya Hao e be kahodima lefatshe lohle.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.