1Mme Moya o bolela ka ho hlaka hore mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba latele meya e thetsang, le dithuto tsa batemona;
2Ba bua leshano ka boikaketsi; ba matsoalo a bona a chesitsoeng ka tšepe e chesang;
3Ba iletsa batho ho nyala, ba re ho ilwe dijo, tseo Modimo o di entseng hore di amohelwe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete.
4Hobane sebopuwa se seng le se seng sa Modimo se molemo, mme ha ho letho le ka lahlwang, ha le amohelwa ka teboho.
5Hobane le halaletswa ka lentswe la Modimo le thapelo.
6Ekare ha o hopotsa baena taba tseo, o tla be o le mosebeletsi ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlwang ka dipolelo tsa tumelo le tsa thuto e molemo, eo o e latetseng.
7O mpe o hane ditshomo tse hlomphollang le tsa basadibaholo, mme o itlwaetse borapedi.
8Hobane ho thapisa mmele ha ho thuse letho, empa borapedi bo na le thuso nthong tsohle, bo na le pallo ya bophelo ba jwale, le ya bo tlang ho tla.
9Polelo ena ke ya nnete, e lokelwang ke kamohelo yohle.
10Hobane ke ka baka leo re sebetsang ka thata, mme re a hloriswa, hobane re tshepile Modimo o phelang, o leng Mopholosi wa batho bohle, haholo wa ba dumelang.
11Laela dilo tse, o di rute.
12Ho se be motho ya nyedisang botjha ba hao; o mpe o be mohlala ho badumedi, ka dipolelo, ka metsamao, le leratong, le tumelong, le hlwekong.
13Ho fihlela ke fihla, o sebeletse ho bala, ho eletseng, ho ruteng.
14O se ka wa tlhokomologa neo e e mo go wena, e o e neilweng ka polelelopele ka peo ya diatla tsa bagolwane.
15Nahanisisa ka dintho tsena; u inehele ho tsona ka ho feletseng; hore katleho ya hao e bonahale ho bohle.
16Itobele wena, o hlokomele le thuto; dula ho tsona, hobane ka ho etsa hoo, o tla ipholosa, o boloke le ba o utlwang.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.