TSHENOLO 15 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Mangeloi a nkileng dikotlo tsa ho qetela

1Jwale lehodimong ka bona pontsho e nngwe e kgolo, e makatsang: mangeloi a supileng a nkileng dikotlo tse supileng tsa ho qetela, tse tla phethahatsa kgalefo ya Modimo.

2Ka bona ho tshwanang le lewatle le kang kgalase, le kopaneng le mollo. Hodima lona ho ne ho eme ba hlotseng sebatana le setshwantsho sa sona le palo e emetseng lebitso la sona, ba tshwere diharepa tsa Modimo.

3Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re:

“Mesebetsi ya hao e meholo,

e tsoteha hakaakang,

Morena Modimo ya matla wohle!

Ditsela tsa hao di lokile,

ke tsa nnete,

wena Kgosi ya ditjhaba.

4Ke mang

ya ke keng a o tshaba, Morena?

Ke mang

ya ke keng a tlotlisa bitso la hao?

Hobane ke wena feela

ya halalelang.

Ditjhaba tsohle di tla tla,

di o kgumamele,

hobane dikahlolo tsa hao

di bonahaditswe.”

5Kamorao ho tsena ka bona tempele e lehodimong, e nang le tente ya bopaki, e buleha.

6Mangeloi a supileng, a nkileng dikotlo tse supileng, a tswa ka tempeleng a apere masela a hlwekileng, a masweu, a itlamme difubeng ka maqhama a kgauta.

7Yaba se seng sa dibopuwa tse nne tse phelang se nea mangeloi a supileng mafiswana a kgauta a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo ya phelang kamehla le mehla.

8Tempele ya tlala mosi o tswang tlotleng ya Modimo le matleng a hae, hoo ho neng ho se motho ya ka kenang ka tempeleng, dikotlo tse supileng tse tliswang ke mangeloi a supileng di eso phethahale.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help