DIPOLELO 24 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Ho hlalwa le ho nyalwa hape

1“Ha monna a nka mosadi, mme a mo nyala, eba hamorao o utlwa a se a sa mo rate, hobane a fumane ho hong hoo a sa ho rateng ho yena, o tla mo ngolla lengolo la tlhalo, a mo nee lona letsohong la hae, ebe o mo leleka lapeng ha hae.

2Mosadi eo o tla tswa lapeng la monna eo, mme a ka nyalwa ke monna e mong.

3Haeba monna wa bobedi le yena a se a sa mo rate, eba o mo ngolla lengolo la tlhalo, o mo nea lona letsohong la hae, o mo leleka lapeng ha hae; kapa haeba monna wa bobedi ya ileng a mo nyala a eshwa;

4monna yane wa hae wa pele, ya ileng a mo leleka, ha a tshwanele ho mo nka hape, a mo nyala, hoba mosadi eo o se a silafetse, hobane hoo ke manyala kapele ho Morena. O se ke wa tlisa sebe naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be lefa la hao.”

Melao ya mefutafuta

5“Ha monna a qeta ho nyala, a se ke a tswa le bahlabani ha ba futuha; hape a se ke a laelwa ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe. O tla lokollwa hore a qete selemo a le lapeng la hae, a ithabise le mosadi wa hae, eo a tswa mo nyala.

6“Ho se be ya ka reng motho a bee lelwala la hae, kapa tshilo ya hae paneng, hobane hoo ke hore motho a bee paneng ntho e mo phedisang.

7“Ha motho a fumanwa a utswa e mong wa bana babo, eo e leng wa bana ba Iseraele, a mo etsa lekgoba, kapa a mo rekisa, leshodu leo le tla bolawa, mme ebe o fedisa jwalo bokgopo hara lona.

8“Elang lefu la lepera hloko; le hlokomele ho etsa tsohle ho ya kamoo baprista, e leng Balevi, ba tla le ruta kateng. Ho ya kamoo ke ba laetseng kateng, le hlokomele ho etsa jwalo.

9Hopolang seo Morena Modimo wa lona, a neng a se etse ho Meriama, tseleng, ha le ne le etswa naheng ya Egepeta.

10“Ha o adima wa heno ntho efe kapa efe, o se ke wa kena ka tlung ya hae, ho ya lata seo a se beileng paneng.

11O eme kantle, mme motho eo o mo adimileng ho hong a o tlisetse seo a se beang paneng o le kantle.

12Haeba e le mofutsana, ntho eo a e beang paneng e se ke ya qeta bosiu ho wena.

13Ruri ha letsatsi le dikela, o e kgutlisetse ho yena, hore a tle a robale ka kobo ya hae, mme a o hlohonolofatse. Ho wena e tla ba o entse toka kapele ho Morena Modimo wa hao.

14“O se ke wa hatella mohlanka wa hao ya futsanehileng, ya hlokang; e ka ba ngwaneno, kapa e mong wa bajaki ba phelang motseng wa heno.

15O mo nee moputso wa hae wa letsatsi ka leng; letsatsi le se ke la dikela a eso o fumane, hobane ke mofutsana, mme o lebeletse moputso oo, e le hore a se ke a ipiletsa ho Morena ka baka la hao, mme ebe o entse sebe.

16“Bo-ntata ba ke ke ba bolawa ka baka la bana ba bona; le bana ba ke ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona. Motho e mong le e mong o tla bolaelwa sebe sa hae.

17“O se ke wa sotha kahlolo ya moditjhaba kapa ya kgutsana, mme o se ke wa nka seaparo sa mohlolahadi hore se bewe paneng.

18O mpe o hopole hore o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla teng. Ke ka baka lena ke o laelang ho etsa ntho ena.

19“Ha o hela koro ya hao tshimong ya hao, eba o lebala ngata hara tshimo, o se ke wa kgutlela hape ho ya e lata. E tla ba ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi, e le hore Morena Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mosebetsing wohle oo o o etsang.

20“Ha o hlohlora ditholwana tsa sefate sa mohlwaare, o se ke wa boela wa se pheta kgetlo la bobedi. Tse setseng e tla ba tsa mojaki, kapa tsa kgutsana, kapa tsa mohlolohadi.

21“Ha o ekga morara serapeng sa hao sa morara, o se ke wa boela wa kgwahlapisa. O setseng e tla ba wa mojaki, kapa wa kgutsana, kapa wa mohlolohadi.

22O nne o hopole hore o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme ke ka baka lena ke o laelang ho etsa ntho ena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help