DIPESALEMA 56 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya ho tshepa Modimo

1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa modumo wa “Leeba le difateng tse hole”. Ke ya mohla Bafilesita ba neng ba tshwere Davida motseng wa Gate.

2Oho, Modimo, ako nkgauhele,

hobane batho ba a nkgatakela,

ba ntwantshang

ba mpatisitse kamehla,

3Ba ntaletseng ba nkgatakela kamehla,

ba bangata ba ntwantshang.

4Wena Ya Hodimodimo,

mohla ke tshohileng,

ke tla tshepa wena.

5Ke rorisa Modimo,

hobane ke a mo tshepa,

ke tshepa Modimo,

nke ke ka tshaba letho;

motho yena a ka nketsang?

6Ba sotha dipuo tsa ka kamehla,

merero yohle ya bona

e ntswalla bobe.

7Ba a bokana, ba ipatele nna,

ba lalle metsamao ya ka,

ba ntse ba tsoma bophelo ba ka.

8Na ba ka phonyoha

ka baka la bokgopo ba bona?

Oho, Modimo,

ako dihe baditjhaba,

o ba dihe ka kgalefo ya hao.

9O tseba ho lelera ha ka,

o kgakeleditse meokgo ya ka,

o e kgakeleditse ka lefiswana;

na tsee ha di a ngolwa

bukeng ya hao?

10Ha ke ipiletsa ho wena,

dira tsa ka di tla tjhetjha.

Ke a tseba

hore Modimo o na le nna.

11Ke rorisa Modimo

hobane ke a mo tshepa,

ke rorisa Morena

hobane ke a mo tshepa.

12Ke tshepile Modimo,

nke ke ka tshaba letho;

motho yena a ka nketsang?

13Modimo, dikano tsa ka ho wena

di ntlamile;

ke tla o nyehella

ka mahlabelo a teboho,

14hobane o mpholositse lefung,

o phemisitse maoto a ka,

wa a phemisa ho kgopjwa,

ke tle ke tsamaye

pontsheng ya Modimo,

seding la ba phelang.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help