DIPESALEMA 66 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Ditjhaba di boke Modimo

1Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela.

Etsetsang Modimo ditlatse,

lona ba lefatshe lohle,

2mo rokeng, le tlotlise lebitso la hae,

le mo rorise

ka mokgwa o tlotlehang.

3Ereng ho Modimo:

“Mesebetsi ya hao

e tshabeha hakaakang!

Ka baka la matla a hao a maholo,

dira tsa hao di a o qekisa.

4Lefatshe lohle le a o kgumamela,

le a o roka,

le roka lebitso la hao.”

5Tloong, le bohe

mesebetsi ya Modimo:

O a tshabeha diketsong tsa hae,

ketsong tsa hae ho bana ba batho.

6O ile a apola lewatle,

ha hlaha mobu o ommeng,

batho ba tshela noka ka maoto;

ka baka leo, a re mo thabeleng.

7Ka matla a hae o busa kamehla,

mahlo a hae a disa ditjhaba,

esere bahanyetsi ba boela ba tsoha.

8Bokang Modimo wa rona,

lona ditjhaba,

utlwahatsang thoriso ya hae.

9Ke yena ya re fileng bophelo,

ya sa kang a tlohela maoto a rona,

a a tlohella ho thella.

10Modimo, o ile wa re hlahloba,

wa re hlwekisa seboping

jwaloka silefera;

11wa re tshwasa ka letlowa,

wa re belesa mojaro o boima;

12wa dumella batho ho re hata melala,

ra feta hara mollo le metsi;

wa ntano re kgatholla haholo.

13Ke tla ya tlung ya hao

ke nkile setjheso,

ke o phethele dikano tsa ka,

14tseo ke di buileng ka molomo wa ka,

ka di bolela ke le matshwenyehong.

15Ke tla o nyehella ka ditjheso,

ka ditjheso tsa phoofolo tse nonneng,

le ka setjheso sa dipheleu,

setjheso se monko o monate,

ke o hlabele dipohwana le diphooko.

16Tloong, le mamele,

lona bohle ba tshabang Modimo,

ke le phetele

seo a nketseditseng sona.

17Ke ipileditse ho yena

ka molomo wa ka,

ka mo phafa ka leleme la ka.

18Hoja ke ne ke dumella bobe

pelong ya ka,

Morena a ka be a sa nkutlwa,

19empa Modimo o nkutlwile,

o mametse sello sa thapelo ya ka.

20Ho bokwe Modimo,

ya sa kang a lahla thapelo ya ka,

ya sa kang a ntima mohau wa hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help