DIPESALEMA 145 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Boholo ba Modimo le molemo wa hae

1Pesalema ya Davida. Thoko.

Ke tla o tumisa,

wena Modimo wa ka

o leng Kgosi ya ka,

ke boke lebitso la hao

kamehla le mehla.

2Ke tla o boka

ka letsatsi le leng le le leng,

ke rorise lebitso la hao

kamehla le mehla.

3Morena o moholo,

o lokelwa ke thoriso e kgolo,

boholo ba hae ha bo fihlelwe.

4Moloko ho isa molokong o mong

o tlotlisa mesebetsi ya hao,

o bonahatsa ketso

tsa bonatla ba hao.

5Batho ba tla bolela

kganya ya tlotla ya hao,

nna ke nahane dimakatso tsa hao.

6Ba tla bolela

matla a ketso tsa hao tse tshabehang,

nna ke phete tsa boholo ba hao.

7Ba tla etsa kgopotso

ya molemo wa hao o moholo,

ba etsetse ho loka ha hao ditlatse.

8Morena o mosa,

o na le kutlwelobohloko,

o dieha ho halefa,

o tletse mohau.

9Morena o molemo ho bohle,

lerato la hae

le aparela mesebetsi yohle ya hae.

10Morena, mesebetsi yohle ya hao

e a o leboha,

le batshepuwa ba hao ba a o boka;

11ba bolela tlotla ya mmuso wa hao,

ba bua ka diketso tsa bonatla ba hao.

12Ba tsebisa batho bohle

diketso tsa bonatla ba hao,

le tlotla e kganyang

ya mmuso wa hao.

13Mmuso wa hao

ke mmuso wa kamehla yohle,

le puso ya hao

ke ya meloko yohle.

Morena o tshepahala

dipolelong tsohle tsa hae,

o mohau mesebetsing yohle ya hae.

14Morena o tshehetsa bohle ba wang,

o phahamisa bohle

ba kgokgopaneng.

15Mahlo a bohle a lebeletse wena,

hore o ba fepe ka nako e lokelang.

16Ha o fuparolla seatla,

o kgorisa tsohle tse phelang

ka tseo di di lakatsang.

17Morena o lokile

ho tsohle tseo a di etsang,

mesebetsing yohle ya hae

o mohau.

18Morena o haufi

le bohle ba mo rapelang,

ba mo rapelang kannete.

19O phetha ditakatso

tsa ba mo tshabang,

o utlwa sello sa bona,

mme o a ba pholosa.

20Morena o baballa bohle

ba mo ratang,

empa bohle ba kgopo o a ba timetsa.

21Molomo wa ka

o ke o rorise Morena;

batho bohle ba boke

lebitso la hae le halalelang,

ba le boke kamehla le mehla.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help