JOBO 17 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

1“Moya wa ka o tetebetse,

matsatsi a ka a kgutsufetse,

bitla le lona le nkemetse.

2Basomi ba mpotapotile,

mahlo a ka a tadimile bora ba bona.

3“Nkgolwe, Modimo, ke bua nnete,

ha ho na e mong ya ka mpakelang;

4kelello tsa bona o di thithibantse,

kahoo o se ka ba ba thusa,

ba hlola.

5Ya ekang motswalle

ho fumana moputso,

bana ba hae ba tla lebella

mahlo a ba kgathale.

6“Ho bohle

ke se ke fetohile sesomo,

fahleho sa ka ba se tshwela ka

mathe;

7mahlo a ka a fifaditswe ke maswabi,

ditho tsa ka tsohle e se e ka seriti.

8Hona batho ba lokileng

ba ho makaletse,

ba se nang molato

ba nyatsa ba kgopo;

9ya lokileng

o tla tiisetsa tseleng ya hae,

ya matsoho a hlwekileng

a nne a matlafale.”

Jobo a lakatsa eka a ka shwa

10“Lona bohle boelang le leke hape!

Feela hara lona

ha ke bone mohlalefi.

11Matsatsi a ka a fetile,

merero ya ka e nyopile;

takatso tsa pelo ya ka

le tsona di nyopile.

12Bosiu ba bo fetola motsheare,

ha ho le lefifi ba re:

‘Sedi le haufi!’

13Haeba hae la ka ke Nqalo ya Bafu,

eba phate tsa ka ke di ala lefifing;

14haeba ke re ho lebitla:

‘Ke wena ntate,’

ho seboko ke re:

‘O mme, o kgaitsedi,’

15ebe jwale tshepo ya ka e tla ba kae?

ebe ke mang ya tla e bona?

16E tla theohela le nna lebitleng,

e theohele le nna leroleng.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help