ESAYA 65 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Kahlolo ya ba kgopo

1“Ke ne nka araba

ba sa reng letho ka nna;

ke ne nka fumanwa

ke ba sa kang ba mpatla.

Ho tjhaba se neng se sa nthapele

ka re:

‘Ke nna enwa! Ke nna enwa!’

2Ke qetile letsatsi lohle

ke otlolotse matsoho a ka,

ke a otlolletse setjhaba,

tjhaba se melala e thata

se itsamaelang

ka tsela ya sona e kgopo,

se latelang mehopolo ya sona feela.

3Ke tjhaba se mphephetsang kamehla

ke se shebile,

se etsetsang mahlabelo ka dirapeng,

se tjhesetsang mokubetso

hodima aletare ya ditene.

4Ke tjhaba se itulelang hara mabitla,

se qetang masiu

se entse tebelo ya sephiri;

se itjellang le nama ya dikolobe,

seo pitsa tsa sona

di nang le moro wa tse manyala.

5Ke tjhaba se reng:

‘Emella thokwana,

o se atamele ho rona,

hobane rona re halalela haholo,

re halalela ho o feta!’

Batho ba jwalo

ba nkga sa mosi nkong tsa ka,

ba ka mollo

o qetang tsatsi lohle o tuka.

6“Tsohle di se di ngotswe,

di kapele ho nna,

ha nka ke ka kgutla,

ke busetsa molamu sefateng,

ke o busetsa sefateng

ka sefutho se le seholo,

7ka baka la dibe tsa lona

le tsa baholoholo ba lona,”

ho rialo Morena.

“Ba ne ba tjhesetse mokubetso

hodima dithaba,

ba nnyefola

ha ba le hodima maralla,

ka baka leo,

ke tla ba lekanyetsa moputso,

ketso tsa bona tsa pele

ke di putse ka ho tlala.”

8Morena o bua tjena:

“Ha morara o lesihleng

o sa na le lero,

batho ba ye ba re:

‘Le se ke la o lahla,

hobane o sa na le molemo.’

Ka baka la bahlanka ba ka

le nna ke tla etsa jwalo,

ha nka ke ka ba timetsa,

ka ba timetsa bohlebohle.

9Ke tla sitsa Jakobo ka ditloholo,

tsa Juda tsona e be majalefa,

majalefa a thaba tsa ka;

thaba tseo e tla ba lefa

la bakgethwa ba ka,

mme bahlanka ba ka

ba tla aha ho tsona.

10Metebo ya dikgutshwane

e tla hlongwa Sharone,

kgohlong ya Akore

makgomo a bothe teng,

e le mehlape ya tjhaba sa ka,

tjhaba se mpatlang.

11“Empa ha e le lona

ba furallang Morena,

ba lebalang thaba ya ka,

thaba e halalelang,

ba batlang leseho

ka ho nyehella Tosa ka dijo,

ba nyehellang Sefalabohoho

ka jwala bo bohale;

12lona ke tla le abela sabole,

bohle le tla kgumama

ba le bolaye,

hobane ha ke bitsa

ha le a ka la arabela,

ka bua le lona

la se ke la mamela.

Le entse bokgopo

moo ke ntseng ke le bona,

la ikgethela dintho

tse sa nthabiseng.”

13Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena:

“Bahlanka ba ka ba tla kgora,

empa lona le tla lapa;

bahlanka ba ka ba tla nwa,

empa lona le tla nyorwa;

bahlanka ba ka ba tla thaba,

empa lona le tla swaba.

14Bahlanka ba ka ba tla bina,

ba bine hobane pelo di nyakaletse;

empa lona le tla lla,

le lliswe ke pelo tse bohloko,

le bokolliswe

ke ho tubeha ha meya ya lona.

15Le tla siela bakgethwa ba ka

bitso la lona,

bona ba tla le sebedisa

ha ba etsa thohako;

lona, Morena Modimo

o tla le bolaya,

bahlanka ba hae

a ba bitse ka lebitso lesele.

16Ya kopang tlhohonolofatso

mona lefatsheng,

o tla kopa ho hlohonolofatswa

ke Modimo wa nnete;

ya hlapanyang mona lefatsheng,

o tla hlapanya

ka Modimo wa nnete,

hobane tsietsi tsa pele

di tla be di lebetswe,

le mahlong a ka

di se di patehile.”

Mahodimo a matjha le lefatshe le letjha

17“Bonang,

ke bopa mahodimo a matjha

le fatshe le letjha,

dintho tsa kgale

ha di sa tla hopolwa,

ha di ka ke tsa hlola

di sa nahanwa.

18Lona thabang, le nyakalle kamehla,

le nyakallele tseo ke di bopang.

Ke tla bopa Jerusalema

e nyakaletseng,

baahi ba yona

e be ba tletseng thabo.

19Ke tla nyakallela Jerusalema,

tjhaba sa ka le sona ke se thabele.

Ha ho sa tla utlwahala

dillo Jerusalema,

leha e le mehoo ya ba ditsietsing.

20“Ha ho sa tla ba ngwana

ya shwang e le lesea,

ha ho motho ya sa tlo qeta

lemo tsa hae tsa pallo,

ya shwang

lemo tsa hae di le lekgolo

ho tla thwe o shwele

e sa le mohlankana;

ya sa qeteng

lemo tse lekgolo a phela,

yena ke moetsadibe, o rohakehile.

21Ba tla haha matlo,

mme ba phele ho wona;

ba tla lema morara,

ba je tholwana tsa wona.

22Ha ba sa tla haha matlo,

ebe ho wona ho phela basele;

ha ba sa tla hlola ba lema,

ebe jwale ho ja basele;

tjhaba sa ka se tla phela halelele,

se phele halelele

jwalokaha sefate se phela,

bakgethwa ba ka ba je ditholwana,

ba je tholwana tsa matsoho a bona.

23Ha ba ka ke ba sebeletsa lelea,

kapa ba tswalla bana ba bona,

ba ba tswalla ditsietsi,

ke peo ya ba hlohonolofaditsweng,

ba hlohonolofaditsweng ke Morena,

bona mmoho le ditloholo tsa bona.

24Ke tla arabela

ba eso ka ba ipiletsa,

ke be ke ba utlwe

e le hona ba ntseng ba rapela.

25Phiri le konyana

di tla fula di le mmoho,

tau e je jwang

jwalokaha pohwana e bo ja,

sehahabi sona se phele

ka ho ja lehlabathe.

Ha di ka ke tsa ntsha kotsi

leha e le ho bolaya,

hohlehohle thabeng ya ka,

thabeng e halalelang,”

ho rialo Morena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help