PHALLO 4 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Moshe o newa matla a ho etsa mehlolo

1Jwale Moshe a araba, a re: “Empa bona, ha ba na ho nkgolwa, mme ha ba na ho mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: ‘Morena ha a eso ka a iponahatsa ho wena.’ ”

2Yaba Morena o re ho yena: “Ke eng eo e ka letsohong la hao?”

Moshe a re: “Ke molamu.”

3Morena a re: “O akgele fatshe!” A o akgela fatshe, mme wa fetoha noha, Moshe a ba a e baleha.

4Jwale Morena a re ho Moshe: “Nanabetsa letsoho la hao, o e tshware ka mohatla!” A nanabetsa letsoho la hae, a e tshwara, mme ya fetoha molamu ka letsohong la hae.

5Morena a re ho yena: “O etse jwalo, ba tle ba kgolwe hore Morena, Modimo wa bo-ntata bona, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo, o fela a ile a iponahatsa ho wena.”

6Morena a boela a re ho yena: “Jwale kenya letsoho la hao katlasa seaparo, sefubeng sa hao.” Moshe a kenya letsoho la hae katlasa seaparo, sefubeng sa hae, a ba a le ntsha, mme bonang, la tswa le se le le lesweu ke lepera, le ka lehlwa.

7“Yaba Morena o re: ‘Busetsa letsoho la hao katlasa seaparo, sefubeng sa hao.’ A busetsa letsoho la hae katlasa seaparo, sefubeng sa hae, a ba a le ntsha, mme bonang, la tswa le se le fodile, le tshwana le pele.

8“Haeba ba sa o kgolwe, mme ba sa mamele lentswe la hao ha ba bona mohlolo wa pele, ba tla kgodiswa ke mohlolo wa bobedi.

9Haeba ba ntse ba sa kgodiswe ke mehlolo ena e mmedi, mme ba sa mamele lentswe la hao, o tle o kge metsi nokeng, o atshele fatshe, moo ho ommeng. Metsi ao, ao o a kgileng nokeng, a tla fetoha madi ha a fihla mobung o ommeng.”

10Jwale Moshe a re ho Morena: “Oho, Morena, ha ke na bokgeleke ba puo. Haesale o qala ho buisana le mohlanka wa hao maobane, ho fihlela kajeno, ke ntse ke se na bokgeleke, hobane ke lehwelea, ke a kokotletsa.”

11Morena a re ho yena: “Ke mang ya entseng molomo wa motho? Ke mang ya mo etsang hore e be semumu, kapa tsebetutu, kapa a bone, kapa e be sefofu? Na hase nna Morena?

12Eya he, mme ke tla o thusa ho bua hantle, ke o rute seo o tla se bua.”

13Empa Moshe a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako rome e mong osele.”

14Jwale kgalefo ya Morena ya tlokela Moshe, mme Morena a re ho yena: “Ha ke re moholwane wa hao Arone, wa Molevi, o teng? Ke a tseba hore yena o na le bokgeleke ba puo. Bona mona, o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, mme o tla thaba haholo ha a o bona.

15O tla bua le yena, o mo rute seo a tla se bua; nna ke tla le thusa hore le bue hantle, mme ke le rute seo le tla se etsa.

16O tla o buella ho setjhaba, e be yena molomo wa hao, wena o be jwaloka Modimo ho yena.

17Wena o tla tshwara molamu ona ka letsoho la hao, o etse mehlolo ka wona.”

Moshe o kgutlela Egepeta

18Moshe a tsamaya, a kgutlela ho Jethero, mohwe wa hae, a re ho yena: “Ke a o kopa: Ako ntumelle ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta, ke yo bona hore na ba sa phela.”

Yaba Jethero o re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso!”

19Jwale Morena a re ho Moshe, a le Midiane: “Tsamaya, o kgutlele Egepeta, hobane batho bohle ba neng ba batla ho o bolaya ba shwele.”

20Yaba Moshe o nka mosadi wa hae, le bara ba hae, o ba palamisa tonki, o kgutlela naheng ya Egepeta. Moshe a nka le molamu wa Modimo ka letsohong la hae.

21Jwale Morena a re ho Moshe: “Ha o kgutlela Egepeta, hlokomela hore mehlolo yohle eo ke o neileng matla a ho e etsa, o e etse moo Faro a ntseng a bona. Empa ke tla thatafatsa pelo ya hae, mme a ke ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.

22Wena o tla bua le Faro, o re Morena o bua tjena, o re: ‘Iseraele ke mora wa ka wa letsibolo.

23Ke o boleletse hore o mo lokolle, a yo ntshebeletsa, empa o hanne; bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.’ ”

24Yare ha ba le tseleng, moo ba neng ba robaleditse teng, Morena a teana le Moshe, mme a batla ho mmolaya.

25Ke ha mosadi wa hae Sefora a nka lejwe le bohale, a bolotsa mora wa hae, mme ka leeko leo a le kgaotseng ho mora wa hae a ama botona ba Moshe, a re: “Ruri o monna wa madi ho nna!”

26Yaba Morena o tlohela Moshe. Sefora o ne a re ke monna wa madi, ka baka la lebollo.

27Jwale Morena a re ho Arone: “Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lehwatateng.” Arone a tsamaya, a teana le Moshe thabeng ya Modimo, a mo aka.

28Moshe a phetela Arone mantswe wohle ao Morena a a buileng ho yena, ha a mo roma, le mehlolo yohle eo a mo laetseng ho e etsa.

29Moshe le Arone ba ya, ba fihla ba phutha baholo bohle ba bana ba Iseraele.

30Yaba Arone o pheta mantswe wohle ao Morena a a buileng ho Moshe; a ba a etsa le mehlolo moo setjhaba se ntseng se bona.

31Setjhaba sa kgolwa, mme ha se utlwa hore Morena o ne a etetse bana ba Iseraele, le hore o bone matshwenyeho a sona, sa inamisa dihlooho, sa rapela.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help