1Matsatsing wona ao, Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona ho futuhela Baiseraele. Yaba Akishe o re ho Davida: “O hlo tsebe hantle hore wena le bahlabani ba hao le tla ya le nna ntweng.”
2Davida a re ho Akishe: “Ho lokile! O tla bona ntho eo mohlanka wa hao a tla e etsa!”
Akishe a re ho Davida: “Ke hantle; o tla ba molebedi wa ka kamehla.”
3Hoba Samuele a shwe, mme Baiseraele bohle ba mo llele, ba mo epela Rama, motseng wa habo. Saule o ne a ile a leleka dinohe le mathuela kahara naha.
Saule o ba tsietsing4Bafilesita ba kgobokana, ba fihla ba hloma Shuneme. Saule le yena a kgobokanya Baiseraele bohle, mme a hloma Gileboa.
5Ha Saule a bona mabotho a Bafilesita a tshoha, mme matshwafo a hae a uba habohloko.
6Saule a botsa Morena, empa Morena a se ke a mo araba, leha e le ka ditoro, kapa ka lejwe la Urime, kapa ka baporofeta.
7Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosadi wa senohe, ke yo disetsa ho yena.”
Ba re ho yena: “Mane Ene-Dore mosadi ya jwalo o teng.”
Senohe sa Ene-Dore8Saule a ikgakanya, a apara diaparo disele, a tsamaya le banna ba babedi, ba fihla ho mosadi eo bosiu. Saule a re ho mosadi eo: “Ke a o rapela: Ako ntshenolele tse tlang ho etsahala ka ho mpotsetsa ho badimo, o be o ntsosetse eo ke tla o bolella lebitso la hae.”
9Mosadi eo a re ho yena: “O tseba seo Saule a se entseng, le kamoo a lelekileng dinohe le mathuela kateng kahara naha ena. Ke ka lebaka lang ha o nketsetsa leraba, hore ke tle ke bolawe?”
10Empa Saule a hlapanyetsa mosadi eo ka Morena, a re: “Ka Morena ya phelang, taba ena e ke ke ya o tlisetsa kotlo.”
11Jwale mosadi eo a re: “Ke o tsosetse mang?”
Saule a re: “Ntsosetse Samuele.”
Samuele o a hlaha12Hang ha mosadi a bona Samuele a howeletsa haholo, a re ho Saule: “O nthetseditseng? Ke wena Saule!”
13Yaba kgosi e re ho yena: “O se ke wa tshoha. O bonang?”
Mosadi a re ho Saule: “Ke bona ntho e kang sethotsela e ropoha fatshe.”
14Saule a re ho mosadi: “E sebopeho se jwang?”
Mosadi a re: “Ho ropoha monnamoholo ya apereng seaparo se selelele.”
Saule a tseba hore efela eo ke Samuele. A obamela fatshe ka sefahleho, ho isa hlompho.
Kahlolo ya Saule15Samuele a re ho Saule: “Ke ka baka lang ha o nkgathaditse ka hore o ntsose?”
Saule a re: “Ke tsielehile haholo, hobane Bafilesita ba a ntwantsha, empa Modimo o mphuraletse. Ha a sa nkaraba, leha e le ka baporofeta kapa ka ditoro. Ke ka lebaka lena ke ileng ka o bitsa, hore o tlo mpolella seo ke tshwanetseng ho se etsa.”
16Yaba Samuele o re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ha e le moo Morena a o furaletse, a fetohile sera sa hao?
17Morena o o entse seo a neng a o bolelle sona pele, ka molomo wa ka. Morena o o amohile mmuso wa hao, o o neile e mong, e leng Davida,
18hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena, mme ha o a ka wa phethahatsa kahlolo ya Morena ha a ne a halefetse Baamaleke. Ke ka lebaka lena Morena a o etseditseng ntho e tjena kajeno.
19Ho feta mona, Morena o tla neelana ka Baiseraele, le ka wena matsohong a Bafilesita. Hosasane wena le bara ba hao le tla be le le bafu jwaloka nna. Morena o tla neelana le ka mabotho a Baiseraele matsohong a Bafilesita.”
Saule o nyahama pelo20Hang ha Saule a utlwa mantswe a Samuele a tjapalla fatshe a tshohile haholo, a feletswe ke matla, hobane o ne a qetile letsheare lohle le bosiu bohle a sa je.
21Mosadi eo a atamela ho Saule, a bona hore Saule o tshohile haholo, mme a re ho yena: “Lekgabunyane la hao le ile la mamela lentswe la hao, yaba le ipea kotsing ka ho phetha seo o ileng wa le laela sona.
22Ka baka lena ke a o rapela, le wena ako mamele lekgabunyane la hao. A nke ke u fe thathana ya bohobe o je, o tle o matlafale, ebe o tswela pele leetong la hao.”
23Empa Saule a hana, a re: “Nke ke ka ja!”
Bahlanka ba hae le mosadi eo ba mo qophella, a ba a qetella a dumetse. Jwale a ema fatshe, a dula hodima moalo.
24Mosadi o ne a ena le namane e nontshitsweng ka sakeng. A potlaka, a e hlaba; a nka phofo, a e duba, a pheha bohobe bo sa lomoswang.
25Tsena a di bea kapele ho Saule le bahlanka ba hae, mme ba eja, ba nto ema, ba tsamaya ka bona bosiu bona boo.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.