DIPESALEMA 76 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Modimo a tshajwe

1Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela.

2Modimo o a tsejwa naheng ya Juda,

lebitso la hae le leholo Iseraeleng.

3Motlotlwane wa hae o Salema,

leaho la hae le Sione.

4Ke moo a robileng metsu,

metsu e bebang ya seqha,

le thebe, le sabole, le hlomo tsa ntwa.

5O kganya hakaakang,

o tlotleha hakaakang,

ha o kgutla dithabeng tsa tlholo!

6Dinatla di hlakotswe kgapo ya tsona,

tsa robala boroko ba lefu;

bahlabani bohle

ba sitilwe ho itwanela.

7Yare ha o kgalemela,

wena Modimo wa Jakobo,

dikariki le dipere tsa ntwa tsa fetoha,

tsa fetoha diemahale.

8Wena, o a tshabeha!

Ke mang

ya ka emang kapele ho wena,

a ema teng ha o halefile?

9O dihile kahlolo o le lehodimong,

lefatshe la tshoha, la kgutsa,

10ha Modimo a ema ho ahlola bohle,

le ho pholosa bohle,

bohle ba eisehang ba lefatshe.

11Kgalefo ya batho

e tla o fetohela thoriso,

ba phonyohileng kgalefo ya hao

ba tla o etsetsa mekete.

12Etsang dikano,

le di etsetse Morena Modimo wa lona,

le be le di phethe;

ditjhaba tsohle tse kamathoko

di nyehelle Ya Tshajwang,

13yena ya fedisang boikgohomoso,

boikgohomoso ba mahosana,

yena ya tshajwang

ke dikgosi tsa lefatshe.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help