ESAYA 35 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thabo ya ba lopolotsweng

1Lehwatata le letswatlare

di tla thaba,

lefeella le nyakalle,

palesa di thunye.

2Hwatata le tla thunya haholo,

le bine ka thabo, le fumane tlotla

e kang ya Lebanone,

botle e ke ba Karamele

le ba Sharone;

batho ba tla bona tlotla ya Morena,

ba bone le botle

ba Modimo wa rona.

3Matlafatsang matsoho a fokolang,

le tiise le mangwele a rerekelang;

4ho ba pelo di tshohileng le re:

“Matlafalang, le se ke la tshaba,

bonang, Modimo wa lona

o tla ho le phetetsa,

Modimo ke yena

ya tla otla dira tsa lona,

Modimo o tla tla, a le pholose.”

5Mahlo a difofu a tla tutubollwa,

ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe;

6sehlotsa se tla tlola

se tlole jwaloka kgama,

leleme la semumu le bine ka thabo.

Metsi a tla phorosela hara lefeella,

melatswana e phalle hara lehwatata.

7Hlabathe le tjhesang

le tla fetoha letsha,

diba di kopotse mobung o ommeng.

Moo e ne le dilao tsa diphokojwe

ho tla mela jwang, le lehlaka, le lodi.

8Mmila o moholo o tla ba teng moo,

o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo.

Baetsadibe ba ke ke

ba tsamaya ka yona,

e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya,

ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.

9Tseleng tau e ke ke ya eba teng,

batana se bohale

se ke ke sa e tsamaya,

ha ho le se seng

se tla bonwa ho yona,

balopollwa ke bona feela

ba tla e tsamaya.

10Balopollwa ba Morena

ba tla kgutla ka yona,

ba kene Sione ba bina ka nyakallo,

thabo ya kamehla

e be mefaphahlooho ya bona,

thabo le nyakallo di ba aperele,

maswabi le masisipelo

wona a ba tlohele.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help