1Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.
Ke ipiletsa ho Morena,
ha ke le matshwenyehong,
mme o a nkaraba.
2Morena, ako nnamolele
molomong wa ya leshano,
le lelemeng la ya thetsang.
3Wena ya leleme le thetsang,
o tla newa eng, o ekeletswe eng?
4O tla newa metsu ya mohale,
metsu e ntjhotjho,
e tswang mashaleng a hlenneng,
mashala a sehalahala.
5Ho madimabe nna
ka ho jaka Mesheke,
ka ho aha hara ditente tsa Kedare.
6Ke nako e telele haholo
ke ahile hara ba hloileng kgotso.
7Nna ke motho wa kgotso,
empa ha ke bua ka kgotso,
bona ba batla ntwa.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.