DIPESALEMA 125 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Morena, mosireletsi wa tjhaba sa hae

1Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.

Ba tshepileng Morena

ba jwaloka thaba ya Sione,

e ke keng ya sisinngwa,

e tiileng kamehla.

2Jwalokaha dithaba

di teetse Jerusalema hare,

le setjhaba sa hae,

Morena o se teetse hare jwalo,

ho tloha jwale le kamehla yohle.

3Efela lere la ba kgopo

le ke ke la busa

lefatshe le abetsweng ba lokileng,

esere ba lokileng ba kenya

matsoho a bona bokgopong.

4Morena, ako etse tse molemo,

o di etsetse ba lokileng,

le ba pelo di ntle.

5Empa ba kgelohetseng ditseleng,

ditseleng tse matswedintsweke,

Morena a ke a ba leleke,

a ba leleke le ba kgopo.

Kgotso e ke e be teng Iseraele.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help