MORUTI 11 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Se etswang ke mohlalefi

1Lahlela bohobe ba hao

hodima metsi,

hobane kamoso o tla bo fumana.

2Bo abele ba supileng kapa ba robedi

kaha tsietsi tsa lefatshe

o ke ke be wa di tseba.

3Haeba maru a dusa pula

a tla e nesetsa hodima lefatshe;

fate se ka wela ka borwa

kapa ka leboya,

moo se welang teng

ke moo se tla rapalla teng.

4Ya lebeletseng moya a ke ke a jala,

ya tadimileng maru a ke ke a kotula.

5Jwalokaha tsela ya moya

o sa e tsebe,

kapa popeho ya ngwana

ka popelong,

o ke ke wa tseba

mesebetsi ya Modimo,

e leng yena ya entseng tsohle.

6Peo ya hao o e jale e sa le hoseng,

ho fihlela mantsiboya

matsoho a hao o se a phuthe,

hobane ha o tsebe e tla atleha,

kapa bobedi di tla mela hantle.

7Ruri lesedi le molemo,

le mahlo a thabela ho bona letsatsi.

8Leha motho a ka phela

lemo tse ngata,

a ithabisa ka tsona tsohle,

feela a hopole matsatsi a lefifi,

hobane a tla ba mangata haholo;

tsohle tse tla tla ke lefeela.

Keletso ho batjha

9Wena mohlankana,

ithabise o sa le motjha,

o nyakallele matsatsi

a botjha ba hao;

o latele thato ya pelo ya hao,

o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao;

feela o tsebe Modimo o tla o ahlola,

a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.

10Kahoo fedisa matshwenyeho

a pelo ya hao,

o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao,

hoba bongwana le botjha

ke mafeelafeelane.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help