1Pesalema ya Davida. Sefela.
2Pelo ya ka e matlafetse, Modimo;
ke tla bina, ke o roke.
3Tsoha moya wa ka,
tsohang, lona thomo le harepa;
ke tla tsoha mafube a eso hlahe.
4Morena, ke tla o boka hara ditjhaba,
ke o roke hara merabe;
5hobane mohau wa hao o moholo,
o fihla mahodimong,
le botshepehi ba hao
bo fihla marung.
6Modimo, ako bontshe
hore o okametse mahodimo,
tlotla ya hao
e phahamele lefatshe lohle.
7Re pholose
ka letsoho la hao le letona,
o re utlwe,
baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe.
8Modimo o buile
a le sehalalelong sa hae, a re:
“Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme,
ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.
9Gileade ke ya ka,
le Manase ke ya ka;
Efraime ke katiba ya ka ya tshepe,
Juda yena ke lere la ka la puso.
10Moabe ke lefiso
leo ke itlhatswetsang ho lona,
Edomo ke tla e hatakela ka seeta;
Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse,
ke etse ditlatse tsa tlholo.”
11Ke mang ya tla nkisa
motseng wa diqhobosheane?
Ke mang ya tla mphihlisa Edomo,
12ha e le moo wena Modimo,
o re lahlile,
o se o sa tswe le mabotho a rona?
13Ako re thuse direng tsa rona;
hobane thuso ya motho ke lefeela.
14Ka thuso ya Modimo
re tla lwana senna,
ke yena ya tla hatakela
dira tsa rona.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.