1Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda.
2Modimo, ke wena Modimo wa ka,
Modimo eo ke mmatlang,
moya wa ka o o nyoretswe,
mmele wa ka o o hlolohetswe,
jwaloka naha e omeletseng,
e kgathetseng, e hlokang metsi.
3Ka o tadima
o le Sehalalelong sa hao,
ka boha matla a hao le tlotla ya hao.
4Mohau wa hao o molemo
ho feta bophelo,
molomo wa ka o tla o rorisa.
5Ke tla o boka ha ke ntse ke phela,
ke phahamise matsoho a ka,
ke a phahamisetse ho wena.
6Moya wa ka o tla kgora
jwaloka ya jang moko le mafura,
molomo wa ka o o rorise
o o rorise ka dithoko tsa thabo.
7Ha ke ntse ke robetse ke a o hopola,
ke o nahana ka dinako tsa bosiu,
8hobane o mothusi wa ka,
ke nyakalla moriting
wa mapheo a hao.
9Moya wa ka o o kgomaretse,
tsoho la hao le letona
le a ntshehetsa.
10Ba batlang ho timetsa bophelo ba ka
ba tla theohela
botebong ba lefatshe;
11ba tla bolawa ka sabole e bohale,
mme ba jewe ke diphiri.
12Athe kgosi e tla thabela Modimo,
bohle ba ikanang ka yena
ba tla ithorisa,
empa ba leshano
ba tla thijwa melomo.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.