AMOSE 6 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Ho timetswa ha Baiseraele

1Lona ba iketlileng le le Sione

le madimabe,

le lona ba tshabetseng

thabeng tsa Samaria;

lona baetapele

ba tjhaba se kapele ho tse ding,

bao ntlo ya Iseraele

e phallelang ho bona!

2Eyang motseng wa Kalene

le yo bona;

le tlohe moo,

le fetele Hamate e kgolo,

le nto theohela motseng

wa Bafilesita wa Gate!

Na mebuso eo le e feta ka letho?

Na naha ya yona e kgolo

ho feta ya lona?

3Ha le dumele

hore tsatsi la koduwa le haufi,

empa ketso tsa lona di a le atametsa,

di atametsa puso e sehloho!

4Le paqama

mealong e kgabisitsweng,

e kgabisitsweng ka manaka a tlou;

le kakalla tulong tsa lona,

tulong tse butshabutsha,

le ja nama ya dikonyana e bonojwana,

le je le ya manamane a nontshitsweng.

5Le letsa harepa tsa lona

jwaloka Davida,

pina tsa diletsa le di qapele seemeng.

6Veine ya lona

le e nwa ka mopotjwana,

le itlotse ka ditlolo tsa bohlokwa,

empa ha le llele

ho timetswa ha Josefa.

7Kahoo ke lona ba pele

ba tla thopuwa,

mekete ya lona ya dijo e tla fela.

Morena o nyonya boikakaso ba Baiseraele

8Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re:

“Ke nyonya boikakaso ba Jakobo,

ke hloile matlo a bokwele a hae;

ke tla neelana ka motse ona,

ke neelane ka tsohle tse ho wona.”

9Haeba ho ka sala banna ba leshome ka tlung e le nngwe, le bona ba tla shwa.

10Leha e mong wa bona, ya tshwanelang ho tjhesa ditopo, a ka tla di ntsha ka tlung, mme a botsa eo ebang o ntse a ipatile motsheo, a re: “Na ho sa na le e mong kantle ho wena?” Eo a araba, a re: “Tjhe!” Ke moo eo a tla re: “Thola! Ha re a tshwanela ho bitsa lebitso la Morena.”

11Morena ke yena ya laelang:

Ntlo e kgolo o tla e pshatlaka,

e nyenyane le yona a e thuake.

12Na dipere di ka matha mafikeng?

Na pholo di ka lema lewatleng?

Empa lona toka le e fetotse tjhefo,

tholwana ya ho loka

la e fetola leshokgwa.

13Lona ba thabelang Lo-Dabare,

lona le re:

“Na ha re a ikgapela Karanaime,

ra ikgapela yona ka matla a rona?”

14Morena Modimo wa mabotho o re:

“Lona Baiseraele,

ke tla le phepheletsa setjhaba,

se le hatelle

ho tloha Kgalong la Hamate,

se le hatelle

ho ya fihla Kgohlong ya Araba.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help