1 SAMUELE 19 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Saule o hlorisa Davida

1Saule a bolella Jonathane, mora wa hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida. Empa Jonathane, mora wa Saule, o ne a rata Davida haholo.

2Jonathane a bolella Davida, a re: “Saule, e leng ntate, o rata ho o bolaya. Ka baka leo, ke a o rapela: Hosasane o itlhokomele, o ipate moo ho seng motho ya tsebang.

3Nna ke tla tswa le ntate, ke eme pela hae ha a le naheng, moo o tla be o ipatile teng, ebe ke bua ka wena ho yena. Ke tla o bolella seo ke tla se utlwa.”

4Jonathane a bua Davida hantle ho Saule, ntatae, a re ho yena: “Kgosi e se ke ya sitelwa Davida, mohlanka wa yona, hobane Davida ha a a o sitelwa, etswe le diketso tsa hae e bile tse ntle ho wena.

5O ile a ipea kotsing, a bolaya Mofilesita, mme ka yena Morena a namolela Baiseraele bohle ka mokgwa o hlollang. Le wena o bone, wa ba wa thaba. Jwale ke ka baka lang ha o rata ho sitelwa madi a se nang molato ka ho bolaya Davida ntle ho lebaka?”

6Saule a mamela keletso ya Jonathane, mme a hlapanya, a re: “Ka Morena ya phelang, Davida ha a ka ke a bolawa.”

7Yaba Jonathane o bitsa Davida, o mmolella ditaba tsena tsohle. Jonathane a tlisa Davida ho Saule, mme Davida a boela a phela pela Saule jwaloka pele.

Saule o leka ho bolaya Davida

8Ha boela ha qhoma ntwa. Davida a futuha, a lwantsha Bafilesita; a ba etsa mofela hoo ba bileng ba mmaleha.

9Moya o mobe, o tswang ho Morena, wa theohela hodima Saule ha ntse a dutse ka tlung ya hae, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa harepa.

10Saule a leka ho hlabella Davida leboteng ka lerumo. Empa Davida a re thee! Yaba Saule o hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, mme a phonyoha hona bosiung boo.

Davida o pholoswa ke Mikale

11Ka bona bosiu boo Saule a romela maqosa ho ya lalla Davida tlung ya hae, e le hore a tle a mmolaye ka la hosasane. Empa Mikale, mohatsa Davida, a mo tsebisa taba ena, a re: “Haeba o ke ke wa baleha bosiung bona, hosasane o tla bolawa.”

12Mikale a lepelleletsa Davida kantle, ka fesetere. Davida a ipha dimenyane, a phonyoha.

13Jwale Mikale a nka modingwana wa lelapa, a o robatsa diphateng, a o samela mosamo wa boya ba dipodi, a o apesa kobo.

14Saule a romela maqosa ho ya tshwara Davida, empa Mikale a re: “Davida o a kula.”

15Saule a romela maqosa hore a yo bona Davida, a ba a re ho wona: “Le mo tlise kwano ka diphate tsa hae, ke tlo mmolaya!”

16Eitse ha maqosa a kena ka ha Davida, a fumana modingwana wa lelapa o sametsweng mosamo wa boya ba dipodi, o robaditswe diphateng.

17Saule a re ho Mikale: “Ke ka baka lang ha o nthetsitse tjee, o bile o tlohetse le sera sa ka se iketse, se phonyohile?”

Mikale a re ho Saule: “O ile a re ho nna: ‘Ntlohele ke tsamaye, ho seng jwalo ke tla o bolaya!’ ”

Davida o balehela ho Samuele

18Yaba Davida o a phonyoha, o a baleha, a ba a ya fihla Rama, ho Samuele. A phetela Samuele tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Bo-Davida le Samuele ba tsamaya, ba ya phela Naiote.

19Saule a tsebiswa, ha thwe: “Davida o Naiote.”

20Jwale Saule a roma maqosa ho ya tshwara Davida. Ha maqosa a bona sehlopha sa baporofeta se ntse se porofeta, Samuele a se eteletse pele, Moya wa Modimo wa theohela hodima maqosa ao a Saule, mme le wona a porofeta.

21Ha Saule a tsebiswa taba ena, a boela a roma maqosa a mang, mme le wona a fihla a porofeta. Saule a boela a roma maqosa lekgetlo la boraro, mme le wona a fihla a porofeta.

Saule hara baporofeta

22Jwale Saule a ikisa Rama ka nama, a fihla sedibeng se seholo se Seku. A botsa, a re: “Bo-Samuele le Davida ba kae?”

E mong a re: “Ba Naiote e Rama.”

23A tloha moo, a ya Naiote e Rama. Yaba Moya wa Morena o theohela le hodima Saule, a tsamaya a ntse a porofeta, a ba a ya fihla Naiote e Rama.

24Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a porofeta kapele ho Samuele. A qeta letsatsi leo lohle, le bosiu boo bohle, a paqame fatshe, a tsotse. Ke kahoo ho bileng le polelo e reng: “Na Saule le yena ke e mong wa baporofeta?”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help