DIPESALEMA 104 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Ho boka Modimo, Mmopi wa tsohle

1Boka Morena, wena moya wa ka.

Morena Modimo wa ka,

o moholo hakaakang!

O apere tlotla le botlotlehi,

2o ipopile ka lesedi

jwalokaha eka ke kobo.

O adile mahodimo

jwaloka lesela la tente,

3o hahile ntlo ya bokgosi ba hao

kahodimo ho maru.

Maru o a entse kariki ya hao,

o fofa ka mapheo a moya.

4Meya o e entse baromuwa ba hao,

mollo wa lehadima

mosebeletsi wa hao.

5O tiisitse lefatshe

hodima metheo ya lona,

le ke ke la sisinyeha ho isa kgale.

6O le apesitse ka lewatle

jwalokaha eka ke ka kobo,

metsi a ne a kwahetse dithaba.

7Yare ha o kgaruma, metsi a baleha;

ha letolo la hao le thwathwaretsa,

a tutumolotseha;

8a theohela dikgohlong,

dithaba tsa hlaha,

a ya moo o a lokiseditseng teng.

9Wa a sehela moedi

oo a ke keng a o tlola,

hore a se hlole

a kwahela lefatshe hape.

10Wa phallisetsa didiba dinokaneng

tse tswedipanang hara dithaba;

11metsi a tsona a nowa

ke phoofolo tsa naha,

tonki tsa naha

di itlosa lenyora teng.

12Nonyana tse fofang

di hahetse pela tsona,

di letsa melodi

di le makaleng a difate.

13O nesetsa dithaba pula

o le tlung ya bokgosi ba hao,

lefatshe le kgotshe ditholwana,

tholwana tsa mesebetsi ya hao.

14O medisetsa diphoofolo jwang,

o di medisetsa le dimela

hore di sebediswe ke motho,

a tle a fumane dijo tsa hae mobung,

15le veine,

ho thabisa pelo ya motho;

le ole,

fahleho sa hae se be moropotsana,

le dijo,

ho matlafatsa mmele wa hae.

16Difate tsa Morena

di nwesetswa ke pula,

dikedare tsa Lebanone

tse lemilweng ke yena.

17Dinonyana di etsa dihlaha ho tsona,

mekotatsie e phela hodima difate.

18Thabeng tse telele

ho phela podi tsa naha,

diqhobo ke setshabelo sa dipela.

19O entse kgwedi

ho tshwaya dinako tsa selemo,

letsatsi le tseba nako ya lona

nako ya ho dikela.

20O tlisa lefifi, ebe e ba bosiu,

dibatana tsa meru ebe di a solla;

21ditawana di purumele

diphofu tsa tsona,

di batle dijo tsa tsona ho Modimo.

22Ha tsatsi le tjhaba di a oroha,

ebe di botha dilaong tsa tsona.

23Motho yena

o ikela mosebetsing wa hae,

a yo sebetsa ho fihlela mantsiboya.

24Morena, mesebetsi ya hao

e mengata hakaakang!

Tsohle o di entse ka bohlale,

lefatshe le tletse dibopuwa tsa hao!

25Ke leo lewatle, le leholo, le batsi;

ka ho lona ho nyeunya dibopuwa,

dibopuwa tse se nang palo,

dibopuwa tse kgolo le tse nyenyane.

26Teng dikepe di sesa kahohle,

le leruarua leo o le bopetseng

ho bapalla ka ho lona.

27Tsohle di lebeletse wena,

hore o di fe dijo ka nako e lokelang.

28Ha o di fa dijo, di a di bokella;

ha o fuparolla seatla,

di kgora tse molemo.

29Ha o ipata sefahleho, di a tshoha;

ha o di amoha moya wa hao,

di a shwa,

di boele di kgutlele leroleng.

30Ha o romela moya wa hao,

di a hloleha,

mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.

31Tlotla ya Morena e nne e be teng,

e be teng kamehla yohle,

Morena a ke a thabele

mesebetsi ya hae;

32yena eo ereng ha a tadima lefatshe,

lefatshe le thothomele,

ha a ama dithaba di foqohe mosi.

33Ke tla binela Morena

ha ke ntse ke phela,

ke roke Modimo

bophelong ba ka bohle.

34Menahano ya ka e ke e mo kgahle;

nna ke thabela Morena.

35Baetsadibe ba ke ba fele lefatsheng,

ba kgopo ba se hlole ba eba teng.

Boka Morena, wena moya wa ka.

Haleluja!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help