DIPESALEMA 129 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo e kopang ho hlola dira tsa Iseraele

1Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.

Haesale ba ntshwenya haholo

ho tloha botjheng ba ka,

Iseraele a ke a rialo,

2haesale ba ntshwenya haholo

ho tloha botjheng ba ka,

empa ha ba a ka ba ntlhola.

3Balemi ba lemile

mokokotlong wa ka,

ba entse diforo tse telele.

4Empa Morena o lokile,

o kgaotse dikgwele tsa ba kgopo.

5Bohle ba hloileng Sione

ba ke ba hlajwe ke dihlong,

ba tjhetjhiswe kasanthao.

6Ba be jwaloka jwang

bo marulelong a matlo,

bo ponang pele bo ka fotholwa,

7boo ho seng ya bo helang,

ya ka tlatsang seatla sa hae ka bona,

kapa ya tlamang mangata

a a nka ka matsoho a hae.

8Ba fetang ka tsela

ba ke ke ba re ho bona:

“Tlhohonolofatso ya Morena

e ke e be le lona,

re le hlohonolofatsa

ka lebitso la Morena.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help