DIPESALEMA 11 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Ho tshepa Morena

1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

Ke tshabela ho Morena.

Keng ha le re ho nna:

“Balehela thabeng

jwaloka nonyana?”

2Ba kgopo ba se ba hula

diqha tsa bona,

ba kgwesa metsu ya bona,

ba e kgwesa ba le lefifing

ho fula ba pelo di ntle.

3Ha metheo e se e heleditswe,

ya lokileng a ka etsa eng?

4Morena o ka tempeleng ya hae

e halalelang,

terone ya Morena e mahodimong.

Mahlo a hae a bona bana ba batho,

o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.

5Morena o hlahloba

ya lokileng le ya kgopo,

ya sehloho yena o mo hloile.

6Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala,

mashala a hlenneng le sebabole,

kabelo ya bona

e tla ba moya o tukang.

7Morena o lokile,

mme o rata tse lokileng;

ba pelo di ntle

ba tla bona fahleho sa hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help