1Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe.
2Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle tse fofang, di tla le tshaba. Dihahabi tsohle tsa lefatshe, le ditlhapi tsohle tsa lewatle, di bewa matsohong a lona.
3Tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona, jwalokaha ke le neile meroho e metala. Tsena tsohle ke le nea tsona.
4“Feela le se ke la ja nama e ntseng e ena le bophelo, e leng madi.
5Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo.
6“Mang le mang
ya tshollang madi a motho,
le yena madi a hae
a tla tshollwa ke motho,
hobane Modimo o entse motho
ka setshwano sa Modimo.
7“Jwale lona atang, le ngatafale; anafalang le tlale lefatshe.”
Selekane sa Modimo le Nowe8Yaba Modimo o bua ho Nowe, a ena le bara ba hae, o re:
9“Bonang, nna, ke etsa selekane sa ka le lona, le ditloholo tsa lona.
10Ke se etsa le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nang le lona: Dinonyana, makgomo, le diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tswileng ka arekeng.
11Ke etsa selekane sa ka le lona: Ha ho ka ke ha hlola ho timetswa batho ka morallo wa metsi. Hape ha ho ka ke ha hlola ho eba le morallo wa metsi o tla timetsa lefatshe.”
12Modimo a re: “Ke sena sesupo sa selekane seo ke se etsang le lona le tsohle tse phelang le lona, le meloko e tlang:
13Ke tla hloma mookodi wa ka marung, mme e tla ba sesupo sa selekane sa ka le lefatshe.
14Ha ke tlisa maru hodima lefatshe, mme mookodi o bonahala marung,
15ke tla hopola selekane seo ke se entseng le lona, le dibopuwa tsohle tse phelang, mme metsi a ke ke a hlola a etsa morallo o tla timetsa batho bohle.
16Mookodi o tla ba marung, mme ha ke o tadima, ke tla hopola selekane se sa feleng, se pakeng tsa Modimo le dibopuwa tsohle tse phelang, tse teng lefatsheng.”
17Modimo a re ho Nowe: “Sena ke sesupo sa selekane seo ke se entseng pakeng tsa ka le batho bohle ba teng lefatsheng.”
Bara ba Nowe18Bara ba Nowe, ba ileng ba tswa ka arekeng, e ne e le Sema le Kama le Jafeta. Kama ke ntata Kanana.
19Ba bararo bana e ne e le bara ba Nowe, mme batho bohle ba lefatsheng ba tswetswe ke bona.
20Nowe e ne e le molemi; ya eba yena wa ho qala ho lema morara.
21A nwa veine, a tahwa, a robala ka tenteng a sa tena.
22Kama, ntata Kanana, ha a bona bofeela ba ntatae, a ya bolella bana babo ba babedi ba le kantle.
23Sema le Jafeta ba nka kobo, ba e akgela mahetleng a bona, ba tsamaya kasanthao, ba fihla ba kwahela bofeela ba ntata bona. Kaha ba ne ba furaletse, ha ba a ka ba bona bofeela ba ntata bona.
24Nowe, ha a se a hlaphohetswe, a tseba seo mora wa hae e monyenyane a ileng a se etsa ho yena.
25Yaba o re:
“Kanana a ke a rohakehe,
e be lekgoba la makgoba
ho bana babo.”
26Hape a re:
“Ho bokwe Morena,
Modimo wa Sema,
Kanana e ke e be lekgoba la bona.
27Modimo a ke a hodise Jafeta,
a phele ditenteng tsa Sema,
Kanana e be lekgoba la hae.”
28Kamora morallo wa metsi, Nowe a phela dilemo tse makgolo a mararo le mashome a mahlano.
29Dilemo tsa Nowe kaofela e ne e le makgolo a robong le mashome a mahlano; a nto shwa.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.