BAHEBERU 1 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Lentswe la Modimo le tla ka Mora wa hae

1Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,

2empa jwale matsatsing ana a qetello o buile le rona ka Mora wa hae, eo a entseng tsohle ka yena, mme a mo etsa mojalefa wa tsona.

3Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.

4O entswe e moholo ho feta mangeloi, jwalokaha lebitso leo Modimo a mo neileng lona le feta a mangeloi.

Mora o moholo ho feta mangeloi

5Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona:

“O Mora wa ka,

kajeno ke o tswetse?”

“Kapa a re:

“Ke tla ba Ntatae,

le yena e be Mora wa ka?”

6Hape mohla a romelang Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng, a na a re:

“Mangeloi wohle a Modimo

a mo kgumamele.”

7Ha e le ka mangeloi ho itswe:

“O etsa mangeloi a hae meya,

le basebeletsi ba hae

malakabe a mollo.”

8Empa ka Mora ho itswe:

“Terone ya hao Modimo,

ke ya kamehla le mehla,

lere la hao la puso,

ke lere la toka.

9O rata ho loka,

o hloile bokgopo;

kahoo Modimo,

Modimo wa hao,

o o tlotsitse ka ole ya thabo,

ho ena le balekane bohle ba hao.”

10Hape ho itswe:

“Wena Morena,

tshimolohong o ne o hlole lefatshe,

mahodimo ke mosebetsi

wa diatla tsa hao.

11Tsohle di tla timela,

empa wena o tla sala;

tsohle di tla tsofala jwaloka seaparo.

12O tla di phuthaphutha

jwaloka kobo,

mme di tla fetoha

jwaloka seaparo.

Empa wena haesale e le wena,

dilemo tsa hao

di ke ke tsa fela.”

13Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona:

“Dula ka letsohong la ka le letona,

ho fihlela ke bea dira tsa hao

katlasa maoto a hao?”

14Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help