SAKARIYA 4 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Pono ya bohlano: Sedulwana sa mabone

1Lengeloi le neng le bua le nna la kgutla hape, la ntsosa jwalokaha ho tsoswa motho ya kgalehileng.

2La mpotsa, la re: “O bona eng?”

Ka le araba, ka re: “Ha ke tadima, ke bona sedulwana sa mabone sa kgauta, se nang le sekgakeletso kahodimo. Mabone a supileng a hodima sehlomelo sena, le mapeno a supileng bakeng sa mabone ana a kahodima sedulwana sena.

3Ka mahlakoreng a sedulwana sena sa mabone, ho na le difate tse pedi tsa mohlwaare: Se seng ka tsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.”

4Yaba ke botsa lengeloi le neng le bua le nna, ke re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?”

5Lengeloi leo la araba, la re: “Ha o tsebe hore na dintho tsee ke dintho ding?”

Ka araba, ka re: “Tjhe, monghadi.”

Morena o etsetsa Serubabele tshepiso

6Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.

7“Wena thabahadi towe! O eng? Kapele ho Serubabele o tla batalla feela, mme ho wena, yena o tla kgephola lejwe la ho qetela la Tempele, a le bee tulong tsa lona, ho ntse ho etswa ditlatse, ho thwe: ‘Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!’ ”

8Morena a boela a bua le nna, a re:

9“Serubabele o hahile motheo wa Tempele ena ka matsoho a hae, mme o tla be a qete ho e haha ka wona matsoho ao a hae. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.

10“Ke mang ya ka nyedisang letsatsi leo ka lona ho qalwang mesebetsi e fokolang? Batho ba tla nyakalla ha ba bona Serubabele a tshwere ka letsoho la hae kgwele e methang! Mabone ana a supileng ke mahlo a Morena, a thalatsang kahohle lefatsheng.”

11Ka boela ka botsa lengeloi, ka re: “Difate tse tse pedi tsa mohlwaare, tse ka tsohong le letona le ka ho le letshehadi la sedulwana sa mabone, tsona di bolelang?”

12Ka le botsa hape, ka re: “Makala aa a mabedi a mohlwaare, a kamathoko ho dipompo tse pedi tsa kgauta, tse ntshang ole e bosehla ba kgauta, wona a bolelang?”

13La nkaraba, la re: “Ha o tsebe hore na a bolelang?”

Ka re: “Tjhe, monghadi.”

14Yaba le re: “A tshwantsha banna ba babedi, ba tlotseditsweng ho sebeletsa Morena wa lefatshe lohle.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help