1Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.
2Yaba Amose o re:
“Morena o puruma a le Sione,
o thwathwaretsa a le Jerusalema;
makgulo a badisa a a omella,
tlhoro ya Karamele yona e a pona.”
Modimo o ahlola baditjhaba Kahlolo ya Damaseka3Morena o bua tjena:
“Baahi ba Damaseka ba ntshitetswe
ka makgetlo a se na palo,
kahoo ha nka ke ka ba tshwarela;
ba siditse Gileade ka dilei,
ka dilei tse nang le meno a tshepe.
4Ntlo ya Hasaele ke tla e tjhesa,
matlo a dikwele tsa Bene-Hadade
ke a timetse.
5Ke tla roba mekwallo
ya kgoro tsa Damaseka,
ke timetse ba ahileng
ka Kgohlong ya Afene,
le ya tshwereng lere la puso,
puso ya Bete-Edene
baahi ba Arame ba thopelwe Kire,”
ho rialo Morena.
Kahlolo ya Filesitiya6Morena o bua tjena:
“Baahi ba Gasa ba ntshitetswe
ka makgetlo a se na palo,
kahoo ha nka ke ka ba tshwarela;
ba thopile setjhaba,
ba se thopa kaofela ha sona,
ba se rekisetsa Baedomo
hore e be makgoba.
7Marako a Gasa ke tla a tjhesa,
matlo a dikwele tsa yona
ke a timetse.
8Ke tla timetsa baahi ba Ashedode,
le ya tshwereng lere la puso,
puso ya Ashekelone;
motse wa Ekerone ke tla o otla,
masalla wohle a Bafilesita
ke a timetse,”
ho rialo Morena Modimo.
Kahlolo ya Tire9Morena o bua tjena:
“Baahi ba Tire ba ntshitetswe
ka makgetlo a se na palo,
kahoo ha nka ke ka ba tshwarela;
ba thopetse setjhaba kaofela Edomo,
ba sa llelane letsetse
sa bana ba motho.
10Marako a Tire ke tla a tjhesa,
matlo a dikwele tsa yona
ke a timetse.”
Kahlolo ya Edomo11Morena o bua tjena:
“Baahi ba Edomo ba ntshitetswe
ka makgetlo a se na palo,
kahoo ha nka ke ka ba tshwarela.
Ba manakisitse bana babo bona,
ba ba manakisa ka sabole,
ba ba manakisa ba se na mohau,
ba pheella kgalefong ya bona,
bohale ba bona ba tuka malakabe,
ba tuka sa malakabe a sa time.
12Motse wa Temana ke tla o tjesa,
matlo a dikwele tsa Bosera
ke a timetse.”
Kahlolo ya Amone13Morena o bua tjena:
“Baahi ba Amone ba ntshitetswe
ka makgetlo a se na palo,
kahoo ha nka ke ka ba tshwarela.
Ba tabotse baimana ba Gileade,
ba ba tabola dimpa,
ba tle ba atolose meedi ya bona.
14Marako a Raba ke tla a tjhesa,
matlo a dikwele tsa yona ke a timetse,
hara mokorotlo,
mohla tsatsi la ntwa,
hara lehoduotswana,
mohla tsatsi la sefefo.
15Kgosi ya Amone e tla thopuwa,
Yona le mahosana a yona kaofela,”
ho rialo Morena.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.