DIPESALEMA 48 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Sione ke motse wa Modimo

1Pesalema ya bara ba Kora. Sefela.

2Morena o moholo,

o lokelwa ke thoriso e kgolo

motseng wa Modimo wa rona,

thabeng ya hae e a halalelang.

3Thaba ya Sione e a kgahleha,

e kgahleha ka bophahamo ba yona,

e thabisa lefatshe lohle;

e ka leboya

ho motse wa Kgosi e kgolo.

4Modimo o teng matlung a bokgosi,

matlung a bokgosi a motse oo,

yena o tsejwa e le qhobosheane.

5Bonang, dikgosi di ile tsa kopana,

tsa o futuhela di le mmoho.

6Tsa o bona, mme tsa hlollwa;

tsa ferekana, mme tsa baleha.

7Tsa tshwarwa ke thothomelo,

ya di tshwara hona moo,

le bohloko bo kang ba pelehi;

8jwalokaha moya wa botjhabela

o pshatlakanya dikepe,

kepe tsa Tarashishe.

9Seo re se utlwileng re bile re se bone

motseng wa Morena wa mabotho,

motseng wa Modimo wa rona,

oo Modimo a o tiisitseng

ka ho sa feleng.

10Modimo, re hopola mohau wa hao

re le ka Tempeleng ya hao.

11Jwaloka lebitso la hao Modimo,

thoriso ya hao e fihla jwalo,

e fihla jwalo pheletsong tsa lefatshe.

Tsoho la hao le letona le tletse toka.

12Thaba ya Sione e ke e thabe;

metse ya Juda e ke e nyakalle

ka baka la kahlolo tsa hao.

13Potapotang Sione, le e potolohe,

balang ditora tsa yona;

14elang hloko lerako la yona,

rako la yona la tshireletso,

hlahlobang matlo a yona a bokgosi,

le tle le phetele moloko o tlang,

le re:

15“Enwa ke Modimo,

ke Modimo wa rona

kamehla le mehla,

o tla re tsamaisa.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help