DIPESALEMA 28 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya ho ikopela thuso

1Pesalema ya Davida.

Ke ipiletsa ho wena Morena;

Lefika la ka, ntshekehele tsebe,

esere ha o sa mmamele,

ka ba jwaloka ba theohelang,

ba theohelang lebitleng.

2Ako utlwe thapedi ya ka,

ha ke o llela,

ke phahamiseditse matsoho a ka

Sehalalelong se halalelang

ka ho fetisisa.

3Se nkahlole le ba kgopo,

ba etsang tse sa lokang,

ba buisanang le batho ka kgotso,

empa pelo tsa bona di tletse bobe.

4Ba putse

ho ya ka mesebetsi ya bona,

ho ya ka bobe ba diketso tsa bona;

ba putse ho ya ka mesebetsi,

mesebetsi ya matsoho a bona,

o ba nee tse ba lokelang.

5Kaha ba sa natse

diketso tsa Morena,

le ho tsotella mesebetsi,

Mesebetsi ya matsoho a hae,

o tla ba tamolla, a ba timetse.

6Ho bokwe Morena,

hobane o utlwile thapedi ya ka.

7Morena ke matla a ka le thebe ya ka;

pelo ya ka e mo tshepile,

mme o nthusitse;

pelo ya ka e nyakaletse,

ke mmoka ka dipina.

8Morena ke matla a setjhaba sa hae,

ke setshabelo se pholosang,

setshabelo sa Motlotsuwa wa hae.

9Pholosa setjhaba sa hao,

o hlohonolofatse lefa la hao;

o se fepe,

o se pepe kamehla le mehla.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help