JOBO 39 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Phoofolo tse hlaha di laolwa ke mang?

1“Na o tseba nako ya ho tswala

ha podi ya naha?

Na o kila bona kgama

ha e phatla, e tswala?

2Na o ko bale kgwedi

tsa kemaro ya tsona?

Kapa o tsebe tsatsi

la ho tswala ha tsona?

3Di botha fatshe,

di tswale manamane a tsona,

bohloko ba ho tswala

ebe bo fedile.

4Manamane a tsona a holela naheng,

ha a sa shahlile

ebe a lahla mohlape.

5“Tonki e hlaha

e neilwe bolokolohi ke mang?

Meja e ne e kgatile

e lokolotswe ke mang?

6Ke e abetse lehwatata

hore e phele ho lona,

masabasaba a lenyekethe

e be bodulo ba yona.

7Lehesheheshe la metse

e etsa metlae ka lona,

mehoo ya moqhobi

ha e fihle tsebeng tsa yona.

8E alohela thabeng

ho ya tsoma lekgulo,

e nyakurele kahohle

ho batla ho hotalana.

9“Na nare e ka thapa,

ya eba pelesa ya hao?

Kapa ya robala e bothile

pela sejelo sa hao?

10Na o ka e pana mohomeng

hore e o lemele?

Makwete ya a phophotha

e o setse morao?

11Na o ka e tshepa

ka baka la matla a yona?

Wa e tshepela ho phetha

mesebetsi ya hao e boima?

12Na o ka e tshepela

ho pola mabele a hao,

le ho a thothela hae

ha a le otlong sa hao?

13“Mapheo a dimpshe

a phuphusela ka thabo,

empa e ke ke ya fofa

jwaloka mokotatsie.

14Mpshe e behela

mahe a yona mobung,

e a tlohelle teng

ho alangwa ke lehlabathe.

15Ha e elellwe hore leoto

le ka a bjaratsa,

kapa sebatana

sa a hatakela hodimo.

16E sotla madinyane a yona

jwalokaha eka hase a yona,

ha e tsotelle letho,

leha eba e tswaletse lelea,

17hobane yona

Modimo o ila e tima bohlale,

a se ka e tsipela

le kelello ena e pala!

18Empa ha e thathalatsa mapheo

ho matha,

e a keketeha

ha e bona pere le mopalami!

19“Na pere matla e a filwe ke wena,

molala wa o kgabisa

ka moetse o maebeebe?

20Na o ka tseba

ho e qotomisa sa tsie,

wa e kgorohlisa ka dinko

ho tshosa batho?

21E tila fatshe ka kgohlong,

e thabetse matla,

e itukubetse kahara marumo

sa motswelantweng.

22Pere e tsheha tshabo,

ha ho letho le e tshosang;

ha e ke e furalla

ke ho tshaba sabole.

23Kgopong tsa yona

ho shohlomana kgohlopo,

ho bile ho tsekema marumo

le ditsenene!

24E koma mobu ka bohale

le ka mabifi,

leha ho letswa lenaka

ho tila ha e ho kgaotse.

25Ha naka le lla

e a howa, e re: ‘Aha!’

E dupa monko wa ntwa

e sa le hole!

E dupe mehoo ya balaodi

le mekgosi ya ntwa.

26“Na ke ka bohlale ba hao

phakwe e tsebang ho fofa,

e thathalatsang mapheo,

ebe e leba borwa?

27Na ke ka taelo ya hao

ntsu e tsebang ho fofa,

e hahang hlaha sa yona

hodimo tsullung?

28E phela dilomong,

bosiu e lala hona teng,

qhobosheane ya yona e ka lefarung.

29Diselo e di tsoma

e dutse hona moo,

mahlo a yona

a di bona di le hole.

30Madinyane a yona

a phela ka ho nwa madi,

kamehla yona e fumanwa

hara dififi.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help