1Morena ke kgosi;
lefatshe le ke le nyakalle,
dihlekehleke tse ngata
di ke di thabe.
2Maru a matshomatsho
a mo teetse hare,
ho loka le toka ke motheo,
ke motheo wa terone ya hae.
3Mollo o mo eteletseng pele
o tjhesa dira tse mo potapotileng.
4Mahadima a hae a bonesa lefatshe;
lefatshe le a bona,
mme le a thothomela.
5Dithaba di qhibidiha jwaloka tshotso,
jwaloka tshotso kapele ho Morena,
e, kapele ho Morena wa lefatshe lohle.
6Mahodimo a bolela ho loka ha hae,
ditjhaba tsohle di bona tlotla ya hae.
7Bohle ba sebeletsang ditshwantsho
ba ke ba hlajwe ke dihlong,
bao ba ithorisang ka mafeela;
medimo yohle e ke e itihele
e itihele maotong a hae.
8Sione e utlwile, mme e a thaba,
metse ya Juda e a nyakalla,
ka baka la dikahlolo tsa hao,
wena Morena.
9Wena Morena ya hodimodimo,
ya phahametseng lefatshe lohle,
o feta medimo yohle hole.
10Lona ba ratang Morena,
hloyang bokgopo,
o baballa bophelo
ba batshepuwa ba hae,
o ba namolela
matsohong a ba kgopo.
11Lesedi le tjhabela ya lokileng,
thabo ke ya ba pelo di ntle.
12Lona ba lokileng thabelang Morena,
le boke lebitso la hae le halalelang.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.