1Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.
Morena, pelo ya ka ha e ikakase,
mahlo a ka ha a ikgohomose;
ha ke tsotelle dintho tse mphetang,
leha e le tse makatsang,
tse mphahametseng.
2Empa ke bobisitse moya wa ka,
ka o kgutsisa,
sa ngwana ya kgwesitsweng,
ya sikilweng ke mmae;
e, moya wa ka o jwaloka ngwana,
jwaloka ngwana ya kgwesitsweng.
3Iseraele a ke a tshepe Morena,
ho tloha jwale le kamehla yohle.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.