JOBO 14 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Jobo o re bophelo bo bokgutswanyane

1“Motho ya tswetsweng ke mosadi

o phela hakgutshwanyane,

bophelo ba hae

bo aparetswe ke ditsietsi;

2o fupuha jwaloka palesa

a be a pone,

o baleha jwaloka seriti,

ebe o nyametse.

3Jwale o tjamela ya jwalo ka eo?

O ntlisa kapele ho wena

ho nkahlola?

4Na ya ditshila

a ka tswala ya hlwekileng?

Le kgale!

Ho ke ke be ha etsahala jwalo!

5Tshiu tsa motho di badilwe,

palo ya kgwedi tsa hae

e tsejwa ke wena,

o mo sehetse moedi,

a ke ke be a o tlola.

6Tlohela ho mo tjamela,

a fumane phomolo,

nako ya hae e be fete

jwaloka ya mohiruwa.

7“Esita le sefate se na le tshepo:

Ha se ka rengwa se tla hlomela hape,

makala a sona a ke ke a ba a fela.

8Leha motso wa sona

o ka tsofalla mobung,

kutu ya sona ya bolla leroleng,

9ha se utlwa monko wa metsi

se tla hloma,

se mele makala

jwaloka tlama se setjha.

10Empa motho yena o a shwa,

a fellwe ke matla,

a neele moya, ebe jwale o kae?

11“Jwalokaha metsi a letsha

a nyamela, a fela,

noka e feta, e be e pshe,

12le motho o a robala,

a roballe ruri!

Ho fihlela ha mahodimo a fela,

batho ba ke ke be ba tseba

le ho phaphama,

kapa ho tsoswa

phumeng sa bona sa boroko.

13“Eka o ka be o mpata

Nqalong ya Bafu,

o nketsa bofihla,

kgalefo ya hao e be e fete!

Eka o ka be o mpalla nako,

eo ka yona o tlang ho nkgopola!

14Hoja motho o a shwe,

a boele a phele,

ke ne nka mamella tlokotsi tsa ka

ka nako tsohle,

ka emela topoloho ya ka

ya ba ya fihla.

15O no tla mpitsa, nna ke arabele,

o hlolohelwe mmopo

wa matsoho a hao.

16Empa jwale mehato ya ka o a e bala,

sebe sa ka ha o kgaotse ho se natsa;

17tshita tsa ka

o di bitiella ka mokotleng,

sebe sa ka

sona o a se kwahela.

18“Jwalokaha thaba e ye e helehe,

e nyamele,

le lefika le suthiswe

tulong tsa lona;

19jwalokaha metsi a kutlula majwe,

phororo le tsona

di baka kgoholedi mobung,

le wena tshepo ya motho

o e fedisa jwalo!

20O mo hlolela ruri, ebe o iketse;

o fetola fahleho sa hae,

ebe o a mo leleka.

21Ha bara ba hae ba tlotlwa,

yena ha a tsebe le letho,

le teng ha ba kokobetswa,

yena ha a bone le letho;

22o utlwa bohloko

ba mmele wa hae feela,

le ho ngongoreha ha moya wa hae.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help