DIPALO 17 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Molamu wa Arone

1Morena a bua ho Moshe, a re:

2“Bua le bana ba Iseraele, mme o nke molamu o le mong lapeng le leng le le leng la bo-ntata bona, le ho mahosana wohle a bona, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E be melamu e leshome le metso e mmedi, o ngole lebitso la monna e mong le e mong hodima molamu wa hae.

3Lebitso la Arone lona o le ngole hodima molamu wa Levi. Mookamedi e mong le e mong wa lelapa la bo-ntatae a be le molamu o le mong.

4Melamu ena o e bee ka Tenteng ya Morena, kapele ho areka ya selekane, e leng moo ke kopanang le wena teng.

5Monna eo ke tla kgetha molamu wa hae, molamu oo wa hae o tla fuputsa, o etse dithunthung. Kahoo ke tla fedisa ho korotla ha bana ba Iseraele, e le hore ba se ke ba o lwantsha.”

6Moshe a bua le bana ba Iseraele, mme mahosana wohle a bona a mo nea melamu ya wona; kgosana kanngwe molamu o le mong, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le melamu e leshome le metso e mmedi. Molamu wa Arone o ne o le teng kahara melamu ya bona.

7Moshe a bea melamu ena kapele ho Morena, ka Tenteng ya Morena e kentseng areka ya selekane.

8Hosasane ha Moshe a kena ka Tenteng ya Morena e kentseng areka ya selekane, molamu wa Arone, o bakeng sa ntlo ya Levi, wa fuputsa, wa etsa dithunthung, wa beha ditholwana tse butsitsweng, tse kang tsa sefate sa perekisi.

9Moshe a tlisa melamu yohle e tswang kapele ho Morena, a e bea kapele ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, mme sa e tadima. Monna e mong le e mong a nka molamu wa hae.

10Morena a re ho Moshe: “Kgutlisetsa molamu wa Arone kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, molamu oo o bolokwe e le kgopotso ya bokwenehi ba bana ba Iseraele, le ho fedisa ho nkorotlela ha bona, e le hore ba se ke ba eshwa.”

11Moshe a etsa jwalo. A etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

12Bana ba Iseraele ba bua, ba re ho Moshe: “Bonang re a shwa! Re fedile! Bohle re fedile!

13E mong le e mong ya atamelang, ya atamelang Tente ya Morena, o tla shwa! Na bohle re fela re tla shwa?”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help