DIPESALEMA 143 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya ya hloriswang

1Pesalema ya Davida.

Morena, ako utlwe thapelo ya ka,

o sekehele thapedi ya ka tsebe;

o nkarabe

ka baka la botshepehi ba hao,

le ka baka la ho loka ha hao.

2O se ke wa qosa mohlanka wa hao,

hobane ho wena

ha ho ya lokileng.

3Sera se a ntelekisa,

se nkgatakella fatshe,

se mphedisa lefifing

jwaloka ba shweleng kgalekgale.

4Moya wa ka o imetswe,

pelo ya ka e thethefetse,

e thethefetse ka sefubeng sa ka.

5Ke hopola ditshiu tsa boholoholo,

ke lohotha diketso tsa hao tsohle,

ke nahana mesebetsi,

mesebetsi ya matsoho a hao.

6Ke phahamisa matsoho a ka,

ke a phahamisetsa ho wena,

moya wa ka o o nyoretswe

jwaloka lefatshe le omeletseng.

7Morena, ako nkarabe kapele;

moya wa ka o a tepella.

O se ke wa mpatela

sefahleho sa hao,

ke se ke ka tshwana

le ba theohelang lebitleng.

8Etsa hore ke tsebe mohau wa hao,

ke o tsebe e sa le hoseng,

hobane ke o tshepile;

mpontshe tsela

eo nka tsamayang ka yona,

hobane ke o rapela

ka moya wa ka wohle.

9Morena, ako nnamolele,

o nnamolele direng tsa ka,

hobane ke tshabetse ho wena.

10Nthute ho phetha thato ya hao,

hobane ke wena Modimo wa ka.

Moya wa hao o motle

o ke o ntsamaise,

o ntsamaise tseleng e bataletseng.

11Morena, o tla nnea bophelo

ka baka la lebitso la hao,

o ntopolle matshwenyehong

ka baka la ho loka ha hao.

12Ka baka la mohau wa hao ho nna,

o tla timetsa dira tsa ka,

o fedise bohle ba ntwantshang,

hobane nna ke mohlanka wa hao.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help