DIPESALEMA 47 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Modimo o busa lefatshe lohle

1Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi;

faphang Modimo ka mehoo ya thabo.

3Morena ya hodimodimo o a tshabeha;

ke yena kgosi e kgolo,

kgosi ya lefatshe lohle.

4O bea ditjhaba tlasa puso ya rona,

merabe katlasa maoto a rona.

5O re kgethela lefa la rona,

bokgabane ba Jakobo

eo a mo ratileng.

6Modimo o nyolohile

ka mehoo ya thabo,

Morena o nyolohile ka modumo,

ka modumo wa terompeta.

7Rokang Modimo, mo rokeng;

rokang kgosi ya rona, e rokeng.

8Modimo ke kgosi ya lefatshe lohle,

mo rokeng ka bokgeleke.

9Modimo o rena hodima ditjhaba,

Modimo o dutse teroneng,

teroneng ya hae e halalelang.

10Mahosana a ditjhaba

a bokane hammoho,

hore e be setjhaba

sa Modimo wa Aborahama;

hobane babusi ba lefatshe

ke ba Modimo,

mme yena

o kahodimodimo ho bohle.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help