SAKARIYA 6 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Pono ya borobedi: Dikariki tse nne tsa ntwa

1Ka tadima hodimo hape, mme ka bona dikariki tse nne tsa ntwa di etswa pakeng tsa dithaba tse pedi tsa lethose!

2Kariki ya pele e ne e hulwa ke dipere tse kgunong, ya bobedi e hulwa ke tse ntsho,

3ya boraro e hulwa ke tse tshweu, ya bone yona e hulwa ke tse kwebu.

4Yaba ke botsa lengeloi le neng le ntse le bua le nna, ke re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?”

5Lengeloi la nkaraba, la re: “Ena ke meya e mene ya lehodimo, e tswang kapele ho Morena wa lefatshe lohle.

6Kariki e hulwang ke dipere tse ntsho e leba nqa leboya; e hulwang ke tse tshweu e leba nqa bophirimela; athe e hulwang ke tse kwebu yona e leba nqa borwa.”

7Dipere tse kwebu tsona ha di tloha di ile tsa potlakela ho haola le lefatshe lohle. Lengeloi la re: “Eyang, le haole le lefatshe lohle.” Kahoo dipere tseo tsa tloseletsa ho haola le lefatshe lohle.

8Yaba lengeloi le a howeletsa, le re ho nna: “Bona, dipere tse lebang naheng e ka leboya di kokobeditse kgalefo ya Morena naheng eo.”

Joshua o rweswa mofapahlooho

9Morena a bua ho nna, a re:

10“Amohela dimpho tsa silefera le tsa kgauta ho ba kgutlang Babilona, bothopuweng, e leng bo-Heledai, le Tobiya, le Jedaya. Ha o qeta ho di amohela o ye ha Josiya, mora wa Sofonea.

11Ka silefera eo le ka kgauta eo o etse mofapahlooho, o o rwese Joshua, Moprista e Moholo, mora wa Josadake.

12O be o bolelle Joshua hore Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Monna ya bitswang Lekala ke enwa; o tla hlomela moo a leng hona teng, a hahe Tempele ya Morena.

13Ke yena ya tla haha Tempele ya Morena. O tla apeswa botlotlehi, a rene a dutse teroneng ya hae. Moprista le yena o tla dula teroneng ya hae, mme bobedi ba bona ba tla sebetsa mmoho ka kgotso le ka kutlwano.

14Ha e le mofapahlooho wona o tla bewa ka Tempeleng ya Morena, e le hore ho tle ho hopolwe molemo wa bo-Heledai, le Tobiya, le Jedaya, le Hene, mora wa Sofonea.’

15“Batho ba tla tloha hole, ba tlo thusa ho haha Tempele ya Morena. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona. Tsena tsohle di tla phethahala ha le ka mamela lentswe la Morena Modimo wa lona.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help