ESAYA 61 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Molaetsa o molemo wa topollo

1Moya wa Morena Modimo

o hodima ka,

hobane o ntlotseditse

ho bolella mafutsana,

molaetsa o molemo.

O nthometse ho thoba pelo

tsa ba swabileng,

ho phatlalletsa bathopuwa

tsa tokoloho,

le hore ba tjhankaneng

ba tla lokollwa;

2ho phatlalatsa selemo sa Morena,

lemo sa mehauhelo,

le letsatsi la phetetso

ya Morena wa rona,

le ho tshedisa bohle

ba leng bofifing;

3ho nea ba Sione ba leng bofifing

moqhaka o kgabane

bakeng sa molora,

ole ya thabo

bakeng sa bofifi,

seaparo sa thoriso

bakeng sa maswabi,

ba tle ba bitswe fate tsa ho loka,

tse lenngweng ke Morena

hore a tle a tlotliswe.

Moputso wa Baiseraele

4Ba tla tsosa masupi a kgale,

ba ntjhafatse thako tsa boholoholo;

ba tla tsosa metse e neng e ripitlwe,

dithako tsa meloko e mengatangata.

5Baditjhaba ba tla le sebeletsa,

ba be ba dise le mehlape ya lona,

melata e le lemele masimo,

e le hlomele le morara wa lona.

6Lona le tla bitswa

baprista ba Morena,

le bitswe

basebeletsi ba Modimo wa rona.

Maruo a baditjhaba

a tla jewa ke lona,

le ithorise ka tlotla ya bona.

7Kaha dihlong tsa lona

di phetahane habedi,

ho songwa le mahlapa

e bile kabelo ya lona,

leruo la naha ya lona

le tla eketseha habedi,

thabo ya lona

e be ya kamehla le mehla.

8“Nna Morena, ke rata toka,

bolotsana le bokgopo

ke di hloile;

ke tla tshepahala,

ke ba nee moputso wa bona,

ke etse selekane

sa kamehla yohle le bona.

9Moloko wa bona

o tla tsejwa ke baditjhaba,

ditloholo tsa bona

di tsejwe hara matjhaba;

bohle ba di bonang

ba tla di tseba,

ba di tsebe e le moloko,

moloko o hlohonolofaditsweng,

wa hlohonolofatswa ke Morena.”

10Ke tla thabela Morena

ka pelo ya ka yohle,

moya wa ka

o thabele Modimo wa ka haholo,

hobane o nkapesitse kobo

ya ho pholoswa,

a nkwahela ka seaparo sa ho loka,

jwalokaha monyadi

a ikgabisa ka moqhaka,

a ikgabisa

jwaloka moprista a ikgabisa,

monyaduwa a tlatlapela

mabenyane a hae.

11Jwalokaha mobu

o medisa dimela tsa wona,

tshimo le yona e medisa

dijalo tsa yona,

Morena Modimo o tla medisa

ho loka le ho rorisa,

tsena a di medise

moo matjhaba wohle a di bonang.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help