JOBO 11 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Sofara o re Jobo a furalle sebe sa hae

1Jwale Sofara wa Monaama a araba, a re:

2“Puo tse ngatangata tsee

ha di lokele ho arajwa?

Ebe motho wa lehehle

yena o nepa kamehla?

3O re batho ba kgutsiswe

ke ho berabera ha hao?

Ere o soma,

o se kgalemelwe ke motho?

4O re ho Modimo:

‘Thuto ya ka e hloka kodi,

le mahlong a hao ke hlwekile!’

5Eka Modimo

a ka be a dumela ho bua,

a ahlamisa molomo,

a ka a bua le wena;

6a o senolela phiri tsa bohlale ba hae,

hore bohlale ba sebele

bo mehlahlwe-mengata.

Tseba Modimo o a o leballa,

o o leballa tse ding

tsa tshito tsa hao!

7“Na o ka tseba phiri sa Modimo

ka ho fuputsa?

Kapa wa fihlela bohlale

ba Ya Matla wohle?

8O ka etsang?

Bo phahametse le mahodimo!

O ka tsebang?

Bo tebile ho feta lebitla!

9Bolelele ba bona

bo feta le ba lefatshe,

bophara ba bona

bo feta le ba lewatle!

10“Ha a ka o tshwara,

a o isa tjhankaneng,

a o qosa ka kgotla,

a ka hanyetswa ke mang?

11Bolotsana ba batho

o bo tseba hantle;

ha a bona bokgopo,

na a ka kgutsa feela?

12Empa sethoto se ke ke be sa hlalefa,

jwalokaha petsana tonki,

e ke ke ya ba ya tswalwa e le motho.

13“Empa ha o boela

o mo nea pelo ya hao,

o otlollela matsoho a hao ho yena;

14haeba o lahla sebe

seo o se kwetlileng,

o sa dumelle bobe

ho phela tlung ya hao;

15ruri o tla tseba

ho tadima motho o se na dihlong,

o tsitse hantle, o hloke tshabo.

16Tsietsi tsa hao

o tla di lebala tsohle,

o di hopole jwaloka metsi

ha a sa fetile.

17Bophelo ba hao

bo tla hlaka ho feta motsheare,

fifi la bona

le tshwane le tsatsi le tjhaba.

18O tla ba sebete,

hobane tshepo e teng;

o qamake kahohle,

o robale o iketlile.

19O tla ithoballa

ho se ya ka o tshosang,

ba bangata

ba qekise setswalle sa hao.

20Empa mahlo a ba kgopo a tla eba,

ba hloke le wona monyetla

wa ho pholoha,

tshepo ya bona

e be ya ho neela moya.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help