DIPESALEMA 8 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Tlotla ya Modimo le boholo ba motho

1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka ditolotolo.

2Morena, monga rona,

lebitso la hao le tlotleha hakaakang,

le tlotleha lefatsheng lohle!

Kganya ya hao,

e kahodimo ho mahodimo,

3e bolelwa ka melomo ya bana

le ya masea.

O hahile qhobosheane

ho thibela dira tsa hao,

wa e haha

ho sitisa sera le moiphetetsi.

4Ha ke boha mahodimo a hao,

mosebetsi wa diatla tsa hao,

ke boha kgwedi le dinaledi

tseo o di beileng madulong a tsona,

5ebe motho e ne e le eng,

hoo o ka mo hopolang?

Ngwana motho e ne e le eng,

hoo o ka mo hlokomelang?

6O mo entse

ya katlasana ho mangeloi,

wa mo rwesa mofapahlooho,

mofapahlooho wa tlotla,

wa mo rwesa mofapahlooho,

mofapahlooho wa hlompho.

7O mo neile puso

hodima mesebetsi ya diatla tsa hao,

wa bea tsohle katlasa maoto a hae:

8manku le makgomo wohle,

le tsona diphoofolo tsa naha;

9nonyana tse sepakapakeng,

le ditlhapi ka lewatleng,

le tsohle tse tsamayang ka lewatleng.

10Morena, monga rona,

lebitso la hao le a tlotleha,

le tlotleha hakaakang

lefatsheng lohle!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help