DIPESALEMA 85 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Ke Modimo ya phedisang setjhaba

1Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2Morena, o ile wa kgahlwa,

wa kgahlwa ke lefatshe la hao,

wa kgutlisa ba leloko la Jakobo,

wa ba kgutlisa bothopuweng.

3O ile wa leballa setjhaba sa hao,

wa se leballa molato wa sona,

wa se tshwarela dibe tsohle tsa sona.

4O ile wa kokobetsa

bohale bohle ba hao,

wa kgutla kgalefong ya hao e tukang.

5Ako boele o re kgutlise, Modimo,

wena, mopholosi wa rona,

o fedise kgalefo ya hao ho rona.

6Na o tla nne o re halefele kamehla?

Na kgalefo ya hao

e ke ke ya kgaotsa

ho isa melokong e tlang?

7Na o ke ke wa boela wa re phedisa,

setjhaba sa hao se tle se o thabele?

8Morena, ako re bontshe

mohau wa hao,

mme o re pholose.

9A nke ke utlwe

seo Morena Modimo a se bolelang,

hobane o tla bolella setjhaba sa hae

le batshepuwa ba hae tsa kgotso,

e le hore ba se ke ba kgutla,

ba kgutlela bothotong ba bona.

10Ruri ho pholosa ha hae

ho haufi le ba mo tshabang,

e le hore tlotla ya hae

e tle e ahe fatsheng la rona.

11Mohau le botshepehi di tla kopana,

ho loka le kgotso di tla akana.

12Botshepehi bo tla ropoha lefatsheng,

ho loka ho tla theoha lehodimong.

13Morena o tla fana ka tse molemo,

fatshe la rona le be le tjhai e kgolo.

14Ho loka ho tla mo etella pele,

kgotso e fumanwe mehlaleng ya hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help