ESAYA 50 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Sebe sa Iseraele

1Morena o bua tjena:

“Le kae lengolo

leo ke hladileng mmao ka lona,

leo ke neng ke mo leleke ka lona?

Ke o rekisitse ho mang,

ho lefa molato wa ka?

Le ile la rekiswa

ka baka la bokgopo ba lona,

mma lona a lelekwa

ka baka la ditshito tsa lona.

2“Ke hobaneng ha ke fihla

ke fumaneng ho se na motho?

Yare ha ke bitsa

ka hloka ya nkarabang?

Na tsoho la ka le fokola

hoo nke keng ka le lopolla?

Na ke hloka matla a ho le namolela?

Bonang! ha ke kgalema

ke pshesa metsi a lewatle,

dinoka tsona ke di fetole lehwatata;

tlhapi tse phelang nokeng tseo

di nkge, di re phu!

di hloke metsi,

di be di shwe ke lenyora.

3Mahodimo ke a apesa tsa bofifi,

ke a kwahele ka aparo se mahwashe.”

Mohlanka wa Morena o a ikokobetsa

4Morena Modimo o nneile

leleme la barutehi,

ke tle ke tsebe

ho kgothatsa ba tepeletseng.

Hoseng ho hong le ho hong

o a ntsosa,

a etse hore ke hlwaye tsebe,

ke mamele jwaloka morutuwa.

5Morena Modimo

o nthibolotse ditsebe,

ha ke a ka ka hanyetsa,

kapa ka tjhetjha ka santhao.

6Ke ile ka hlobola hore bashapi

ba ntjhape mokokotlong,

marama ka a retelletsa

ho ba ntlhothang ditedu;

ba ntshomang ba ntshwela ka mathe

ha ke a ka ka ba patela

fahleho sa ka.

7Morena Modimo o tla nthusa,

kahoo ha nka ke ka tlontloloha.

Ke thatafaditse fahleho sa ka

jwaloka moralla,

mme ke a tseba

ha nka ke ka hlajwa ke dihlong.

8Ya reng ha ke na molato

o haufi le nna;

ebe jwale ya ka nqosang ke mang?

A re hle re thulane re tadimane!

Moqosi wa ka yena ke mang?

Ha a hle a tle a nqose!

9Bonang, Morena Modimo

ke yena ya nthusang!

Ke mang ya ka mphumanang

ke le molato?

Baqosi bohle ba ka ba tla thotjhoha,

ba thotjhohe jwaloka seaparo,

tshwele e ba je, e be e ba fedise!

10Ke mang wa lona

ya tshabang Morena,

ya mamelang lentswe

la mohlanka wa hae?

Ya tsamayang lefifing a se na lesedi?

Ha a ke a tshepe lebitso la Morena,

a itshetlehe ka Modimo wa hae.

11Lona bohle ba besang mollo,

le potapotwe ke ditlhase tsa wona,

tsamayang leseding

la mollo oo wa lona,

hara tlhase tsa mollo

o besitsweng ke lona.

Seo le tla se amohela

tsohong la ka, ke sena:

Le tla paqama fatshe

hara ditlokotsi.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help